Boitokisetso pele ho sehla sa poone Sehla se tlang sa ho jala se tshepisa ruri e. Bala Ka Hare: PUDUNGWANA 2013

Similar documents
Frans Tshepo Mokoena (36) wa Tweespruit

Nahana, weso Bohahlaudi temong

Kananelo ya ntshetsopele ya molemi

Tshenyeho dementia ya boko bo ka pele (ho kenyeletswa

Mekgwa ya ho fokotsa tjhefo ya mycotoxin

Takatso ya dijo e seng ntle

ACCOUNTING STANDARDS BOARD STANDARD OF GENERALLY RECOGNISED ACCOUNTING PRACTICE PRESENTATION OF FINANCIAL STATEMENTS (GRAP 1)

Ho tsamaya kapa ho lelera

IDIKATENG NEWSLETTER YA SETHO MINEWORKERS PROVIDENT FUND SIYAKHULA WE ARE GROWING SESOTHO PHATLALATSO MOLAETSA HO TSWA HO MOHLANKA E MOHOLO

Lefu la Alzheimer ke eng?

ETSA BAJETE MME O BOLOKE. Ithute maqheka bakeng sa tokoloho ho tsa ditjhelete. Ina Wilken. Phatlalatso ena e tsheheditswe ka motlotlo ka ditjhelete ke

ACCOUNTING STANDARDS BOARD STANDARD OF GENERALLY RECOGNISED ACCOUNTING PRACTICE TJHELETE E HLAHANG DITSHEBELETSANONG TSEO ESENG TSA

Ketapele. Leano la bohlophisi ka ho phethahala ha lona le a fumaneha webesaeteng ya SABC, sabc.co.za, kapa ofising le ha e ka ba efe ya SABC.

TSHEPISO YA MOLAO-THEO

Ho Etsa Bonnete ba hore o Fihlella Dibefiti tsa Social Security le Ditlhapiso tsa Sebakeng sa Mosebetsi Indastering ya Merafo

Lentswe la Bohlale 01201_739_WordOfWisdom.indd 1 9/10/12 1:20 PM

TATAISO E PHETHAHETSENG YA HO REKA LEHAE TSOHLE TSEO O LOKELANG HO DI TSEBA

LEANO LA TSHEHETSO LA BARUTWANA BA MOPHATO WA 12

Dijo Tsa Moya Sehleng Se Loketseng

DIKEREITING TSA SESOTHO PUO YA LAPENG MORALO WA HO QETELA

QL5030(P1041)/ PEDIATRIC INTERNATIONAL ADHERENCE QUESTIONNAIRE Behaviour/Identification NIAID PEDIATRIC AIDS CLINICAL TRIALS GROUP Page 1 of 6

2 No GOVERNMENT GAZETTE, 24 July 2015 Act No. 8 of 2015 Appropriation Act, 2015

2 NO GOVERNMENT GAZETTE, 18 MARCH 2009 No. CONTENTS Page No. Gazette No. GENERAL NOTICES Justice and Contitutional Development, Department of Ge

MORALO OA TEKANO OA LEKHOTLA OA PUSO EA LIBAKA LA MAISA PHOKA COMMUNITY COUNCIL

KE HO TJHABA HA LETSATSI

autism practical aspects sesotho

*16 22 Phupu. Toka le Mohau Testamenteng ea Khale: Karolo ea 2 SABATHA MOTŠEARE OA MANTSIBOEA

CONTENTS. 36 Millennium Development Goals At A Glance. Lipehelo tsa ntlafatso ea moshoelella. Pheliso ea bofuma. Pheliso Ea Tlala

MOLIMO O ITSEBISA KA LIKHATISO TSA OONA

LIKHETHONG TSA LA 03 PHUPTJANE

CONTINUITY AND DIVERGENCE

Aquila Steel (S Africa) (Pty) Ltd. Kopano ya baagi 04 Ngwanatsele 2014, Regorogile ura ya boraro & Rooiberg ura yabo thataro

Motheo Wa Togamaano Wa Batho Ba Ba Tlholegang Mo Lefelong (IPPF) Wa Tiro Ya Taolo Ya Kgotlhano-Ya-Batho-Le-Diphologolo (HWCM) Mo Bokone Jwa Botswana

tokomane ya tshedimosetso ya maitshetlego

Spatial economic evolution of the airport-centric developments of Cape Town and OR Tambo international airports in South Africa

BUKANA YA TSHEDIMOSETSO GO LATELA DITLHOKEGO TSA KAROLO 14 YA MOLAO WA TLHATLOSO YA PHITLHELELO YA TSHEDIMOSETSO. Tsebe 1

L VE DITLHOPHO TSA BOMMASEPALA YOUR. Khomisene ya Ditlhopho (IEC) SOUTH 18 MOTSHEGANONG 2011 AFRICA 2011 MUNICIPAL ELECTIONS. Go ikgolaganya le iec

SEGOAGOE CELEBRATING BIZNIZ IN A BOX SUCCESS MAGAZINE FOR THE ROYAL BAFOKENG NATION SEPTEMBER Phokeng Ballet Program page 18

YUNIBESITHI YA BOKONE- BOPHIRIMA MOONO KA HIV LE AIDS

Tsabo Lesome le Dikabelo tsa Goitima dijo

Human Rights Yearbook : Burma 88 HRDU. shot dead. Site of killing Note. Khao, Kaeng Kham tract, Kunhing township. old village of Sai

Commissioned by Paul and Joyce Riedesel in honor of their 45th wedding anniversary. Lux. œ œ œ - œ - œ œ œ œ œ œ œ œ œ œ. œ œ œ œ œ œ œ œ œ.

Budget Booklet 2016 Gauteng Provincial Government Budget 2016

Specification Details: Coded Dash Number M28803/1 -MC PART LISTINGS MANUFACTURER'S DESIGNATION OR TYPE NUMBER TEST OR QUALIFICATION REFERENCE

A TI,DIOS (You Are God) œ œ. œ œ œ œ. œ. œ. œ. Dios, Dios, God, we ac -

A TI,DIOS (You Are God) INTRO South American Dance (q = ca. 80) Dm. œ œ. œ # œ œ œ œ. œ. œ. œ œ. j J œ. œ œ œ œ œ œ œ. ba - mos; you; All

The Current Status and Conservation of Bears in Vietnam

beaten dead shot dead LIB 518 in the bush outside LIB 332 in Long Maw village Age Village of origin killed by Loi tract, Murngnai Kunhing township

TO LET TITHEBARNPROJECT.COM

Circular on the workshops to be hosted by the FAIS Department during 2012

Language: Setswana, English Time Zone: EST plus 6 hours Electricity: V/50Hz

LIST OCTOBER 2018 CATALOGUE PAGE BARCODE TITLE EDITION PRICE

INVESTOR PRESENTATION: APPENDICES 26 FEBRUARY 2018 RESULTS FOR THE SIX MONTHS ENDED DECEMBER 2017

Report sales to a QEZE of nonresidential gas (including propane in containers of 100 pounds or more), electric, refrigeration, and steam services.

This work was created for a charity, and you may freely make printed copies from this PDF data for your performance until Dec 31, 2022.

MINTECH COMMITTEE LIST OF MEMBERS (PROVINCES)

Halina, Hesus. (Advent) œ N œ œ œ. œ œ œ œ œ. œ. œ œ œ œ. œ œ. C F G7sus4. œ. # œ œ J œ œ œ J. œ œ. J œ. # œ. # œ œ œ

PORT OF NEWCASTLE 2017 TRADE REPORT

Birmingham City Centre Vision for Movement

Provincial Gazette Provinsiale Koerant Gazete ya Xifundzankulu Kuranta ya Profense Gazethe ya Vundu

TO: Unicode Technical Committee FROM: Ken Whistler TITLE: Towards a Consensus Encoding of Newa DATE: 24 October 2014

Central University of Technology, Free State Accreditors Monthly CPD Report October - November 2015

" Voting Place " " Prince William County, Virginia Gainesville Election District Voting Precincts and Voting Places EVERGREEN BATTLEFIELD ALVEY

PARTS CATALOGUE 05/05/2011. (issue 6) DEALER

PN 3000 Series Fail Closed Pneumatic Actuators


Thomas Tallis Mass for 4 voices

2017 SUGGESTED RETAIL PRICE LIST

DOWNLOAD OR READ : WILLIAM TECUMSEH SHERMAN AND THE SETTLEMENT OF THE WEST PDF EBOOK EPUB MOBI

Port of Newcastle 2016 TRADE REPORT. Port of Newcastle

DOWNLOAD OR READ : WILLIAM TECUMSEH SHERMAN AS COLLEGE PRESIDENT SCHOLARS CHOICE EDITION PDF EBOOK EPUB MOBI

TERMS & CONDITIONS HOME&AWAY OFFERS. Offer Detail: - 15% off on mooncake bill

DEUS CARITAS EST SATB Choir, Soloist, Organ. œ œ. œœœœœ. œ œœœ œ œ œ

Updated 27 February 2018 Version 1.4

General Specifications ROTAMASS 3- ROTAMASS ROTAMASS ROTAMASS. +/-1g/l I/O -200 ~ +350 EEPROM LCD HART EN ANSI JIS

1133 W. MORSE BLVD, WINTER PARK, FL OFFICE / MEDICAL SPACE FOR LEASE

Pyramis Pyragranite Sinks

Series 1: Pre-Senatorial Series, ; bulk cubic feet consisting of 79 folders, 3 photographs, and 2 oversize items.

MEGA MPUMALANGA ECONOMIC GROWTH AGENCY

Census of commercial agriculture

The SALA series of. Vertical tank pumps

Welcome to Isca. Founded in 1980, today Isca is a leading South African manufacturer of high quality

The SALA series of. Vertical tank pumps

Herewith an update of industry matters for your attention and information / Hiermee inligting in verband met die nuutste industrie verwikkelinge

!R Proposed Rail Station Proposed Rail Route. Dominion Road LRT Proposed Rail Alignment and Stations. Legend. Hob so n St. We st. Ka ran ga hap e Rd

KCASR PART-145 APPROVAL CERTIFICATE Z 1 NOV 1.~1]

Day Trip. By TC. Validity : January 2016 till further notice

Domestic Flights Ho Chi Minh City - Da Nang and Hue - Hanoi (Economic Class of Vietnam Airline)

MACHINES 9 PRODUCT CATALOGUE 369

Digital Resources for Aegean languages

WEEKLY. 20 March 2019 FOOD-FOR-THOUGHT

The Inspire Roadshow

La Fontaine Franschhoek Guesthouse

A luxury retreat nestled in the scenic Cederberg Mountains

Dis-Chem Clinics Offering ImuPro, IgE and LipidPro Sample Collections. Cape Town

THEME: REALITIES OF IMPROVING FARM MANAGEMENT AND COMMERCIALISING THE SUBSISTENCE SECTOR IN AFRICAN AGRICULTURE

SIN GLE BOND HOSE CLAMPS

1 J H Smith & 1 other vs A V van Rensburg Restrain from Removing Fixtures 21388/18. 2 Absa Bank Ltd vs J L Bennett & 1 other Bond 15545/18

About Greece. There are lots of fun and interesting things to know about Greece.

Africa South of the Sahara

Transcription:

PULA IMVULA >> GROWING FOOD >> GROWING PEOPLE >> GROWING PROSPERITY >> PUDUNGWANA 2013 Koranta ya grain SA ya bahlahisi ba ntseng ba hola Bala Ka Hare: 03 Selelekela mokgweng wa no-till wa temo ya poone 05 Grain SA e buisana le...alan Jeftha 12 A re lwantsheng ditadi! 03 Job Mothusi wa Weltevrede ho la North West o ntse a hlahloba poone e ntseng e hlaha. Boitokisetso pele ho sehla sa poone Sehla se tlang sa ho jala se tshepisa ruri e le se bonahalang se ena le diphephetso. Dibakeng tse ngata tse kang provenseng ya North West le Foreisetata, re simolla ka leqeme la mongobo wa mobu. Mesebetsi e mengata ya temo e tlameha ho shebana le ditekanyetso tse tlase tsa tse kenngwang mobung ka baka la poone e fokolang ya sehla se fetileng. Nnete ke hore diporeisi tsa poone ha di a etsa letho le lekaalo sehleng se fetileng le hoja ho bile le dikuno tse tlase mabatoweng ana. Ka baka lena, phephetso ke hore re nka mehato efe ha re itokisetsa sehla se setjha sa ho jala maemong a tjena? Ba bang ba tla re: Etsa jwalo ka ha o etsa ka mehla, o se ke wa etsa letho le matla haholo kapa letho le fapaneng haholo! Ba bang ba tla re, Jala hamorao kapa le hona, Ho hang tlohela ho jala! Nnete ke hore ha dipula tsa pele di na, mme banka ya hao kapa ba agribusiness ba se ba tjhaelletse monwana kopo ya hao e ntjha ya ho adingwa tjhelete, o fetoha molemi ya tsebang ntho e le nngwe feela, mme ntho eo ke 12 08

MADE POSSIBLE SIBL BY THE MAIZE TRUST TLHAHISO Boitokisetso pele ho sehla sa poone Nkgono Jane o re Re a tshepa le ho rapela hore nakong eo o balang kgatiso ena ya Pula o tla be o kgonne ho jala boholo ba dijothollo tsa hao tsa lehlabula. Taba ya bohlokwa hape ke ho sunya peo mobung ka nako e nepahetseng ka sepheo sa ho shebana le dipula tse lebelletsweng hammoho le ditlhoko tsa motjheso wa dimela. Dimela di tshabana haholo le diyunite tsa motjheso, mme ho jala nako e se e ile hangata ho tlisa kuno e fokolang hobane matsatsi a hwetla ha a tjhese ho lekaneng ho kgothalletsa pula e ntle. Haufi nyana ke sa tswa kena lebenkeleng ho ya reka phofo ya poone Ke ile ka tshoha haholo ha ke bona hore poreisi ya 5 kg e ne e ja R25,99. Hona ho ka fetolelwa poreising ya poone e fetang R5 000 tone ka nngwe. Selemong sena, ha ke kgolwe hore o teng molemi ya ileng a lefuwa ho feta halofo ya tjhelete eno. Ena ke ntlha ya bohlokwa ya tshireletso ya dijo boemong ba lelapa ditjeo tsa sejothollo ke dife, mme moreki o lefa bokae? A re nke hore ditjeo tsa ho hlahisa tone ya poone di tlase ho poreisi eo poone e rekiswang ka yona nakong efe kapa efe (hona ho tshwanetse ho ba nnete moleming ka kakaretso, ho seng jwalo molemi o tla lahlehelwa ke kgwebo ya hae). Ho feta mona, ha re nke hore lelapa le hloka tone e le nngwe ya phofo ya poone nakong ya selemo kaofela haeba o hlahisa ho fetang tone e le nngwe, ho a utlwahala hore o ka nna wa rekisa poone e o saletseng kapa wa e fepa mehlape ya hao. Ditjeo ka kgwedi tsa phofo ya poone lapeng (ho ya ka poreisi ya molemi wa poone) di tla ba mane ho R192 ka kgwedi. (Ditjeo tsa tone e le nngwe di nkuwa e le R2 300 tone ka nngwe, mme re lekanya hore lelapa le sebedisa 80 kg ka kgwedi). A re ke re kgutlele poreising eo ke ileng ka e lefa supermarket e bile R5 kg e le nngwe. 80 kg e tla ba R400 ka kgwedi (mokotla). Ka mantswe a mang, ka ho hlahisa poone mabapi le lelapa la hao feela (tone e le nngwe ka selemo), o ka baballa ho feta R2 000 ka kgwedi. Eka e mong le e mong a ka leka ho hlahisa bonyane poone e ka lekanang tlhoko ya lelapa o tshwanetse ho etsa sena kotareng ya hekthara. Nahana feela hore na e mong le e mong a ke ke a qoba taba ya ho bolawa ke tlala? ho hlahisa poone! Rona, balemi, re batho bao ka tlhaho re ikgannang ho ya sebetsa le ho jala masimong a rona, mme re a tseba hore re tlamehile ho leka hape...re tshwanetse ho dumella mabidi ano a maholo hore a nne a sebetse masimong, re nne re jale peo eno e foreshe mobung! Ho hlahisa poone ke mosebetsi o shebaneng le dikotsi tse kgolo. Haeba o e mong wa ba bileng lehlohonolo ho ba le poone e ntle sehleng se fetileng, o ka qala jwale ho nyakalla, empa ho ba bangata ba rona re tshwanetse ho shebane le ho lokisa dintlhanyana tse itseng hore re tle re ntlafatse menyetla ya rona le ho fokotsa dikotsi tseo re shebaneng le tsona. Nka disampole tsa mobu nakong tse ntle hore o kenye kopo ya ho romellwa manyolo nako e sa le teng. Fumana keletso ho ditsebi kapa baemedi ba dikhamphane tsa dipeo ba tsebang lebatowa la hao, mme o buisane le bona ka mefuta e fapaneng ya peo ya poone eo o ka e jalang. Tseba semelo le dinako tsa ho hola ha dipeo tse fapaneng tsa poone. Kaofela di fapane, melemo ya tsona e fapane maemong a fapaneng a ho hola ha tsona. Etsa bonnete hore o kenya kopo ya ho ro mellwa dikenngwamobung tsa hao kaofela le hore di se di le malala-a-laotswe hore o sebedise monyetla wa hao wa ho jala ka katleho. O se ke wa jala e sa le pele haholo moo mongobo o sa ntsaneng o fokola haholo. Etsa bonnete hore bonyane o se o kgwehlisitse mobu wa hao o ka hodimo ho kgothaletsa ho monyela ha pula ha e fihla, ke hore, ka ho sebedisa tetse (disk) kapa ka mokgwa o mong wa ho kgwehlisa mobu. Tsa bonnete lehola la pele le laolwa ka dikhemikhale kapa ka sesebediswa sa thaene ho baballa mongobo. Lenaneo la hao la taolo ya lehola le hlokolosi, mme le tla ama kgolo ya semela sa hao sa poone hammoho le palo ya dipeo hodima seqo. Ka baka lena, kotulo yohle ya hao e ka ameha hampe ke taolo e fokolang ya lehola nakong ya sehla. Hlokomela diplantere le disebediswa tse ding tsa temo ya pele, e leng ho kenya dithaene tse ntjha le dikere mehomeng ka ha o tla hloka nako ya ho lokisa disebediswa tsena haholoholo ha dipula di ena nako e se e ile jwalo ka ha ho etsahala matsatsing ana! Eba le tjhebo ya nako e telele ya sehla sa ho hola ha poone, mme le pele o tshwanela ho jala peo ya hao ya pele mobung o tshwanela ho nahana ka dikgetho tsa hao mabapi le mebaraka. Etsa qeto mabapi le tseo o di hlokang, tseo o di sebedisang polasing, tse kang furu ya mehlape, mme o shebe hore o tla rekisa dijothollo tsohle tsa hao hokae le jwang. Ho bohlokwa haholo ho tseba le ho tlwaela mokgwa wa ho sebetsa ha mmaraka wa kgwebo ya dijothollo Afrika Borwa le haeba o na le moemedi ya o thusang. Nka nako ho fumana thuso e le hore o utlwisise ka moo Safex e sebetsang ka teng. Tiisa hore o utlwisisa location differential le sepheo sa yona hore o kgone ho fihlella diporeisi tse ntle tse kgonahalang mabapi le poone ya hao. 2

TLHAHISO MADE POSSIBLE BY THE MAIZE TRUST Selelekela mokgweng wa no-till wa temo ya poone Inshorense ya dijothollo e phahame haholo, empa e ka ba le thuso haholoholo nakong ya sehla se kotsi. Keletso ke ho ikopanya le ba agribusiness kapa ba fanang ka dikoloto, e leng moo le ka buisanang ka dikgetho tse fapaneng, le hore na inshorense ya dijothollo e ka dumela ho o tshireletsa sehleng sena se tlang. O ke ke wa ya le kgongwana hodimo, wa nka hore e tla o tshireletsa hobane ha ho tiisetso ya hore dikhamphane tsa inshorense di tla o tshireletsa. Eba motho ya latelang melao nakong yohle ya kgolo ya poone. Ha se bohlale ho lefa tjhelete e ngata ya ho jala poone empa o sa e hlokomele ha e ntse e hola. Hona ho bolela ho ba teng ka seqo masimong letsatsi le letsatsi; Ho bolela ho tiisa hore diterekere le disebedisa tse ding tsa temo di dula di le maemong a matle a ho sebetsa; Ho bolela hore dintho tsohle, thepa yohle, di behwe ka makgethe ka setorong ho fihlela di sebediswa hape, mme dikhemikhale le ditjhefo di lokela ho behwa di notlelletswe; Ho bolela hore diakhaonto le tsamaiso ya ofisi e be tse makgethe, tse ngotsweng ka nepo mabapi le tsohle tse entsweng; Ho boetse ho bolela ho sebedisa tsebo ya ditsebi tsa selehae hammoho le ya balemi ba tswetseng pele ba lebatowa la hao; le Ho joina mokgatlo wa hao, Grain SA, le ho ba teng dikopanong, dihlopheng tsa boithuto le dithutong tsa kwetliso tse ntseng di tswela pele le ho bala Pula/Imvula ya rona ya kgwedi le kgwedi e fupereng tsebo le dikeletso tse ngata ho tloha leqepheng la pele ho isa ho la ho qetela! Ha ho molemi ya ka reng yena o se a tseba tsohle tseo molemi a tshwanetseng ho di tseba. Tikoloho ya tlhahiso ya poone ke ntho e holang, e sa emang nqa e le nngwe, e tswelang pele, e dulang e fetoha ka ha dikhamphane tsa dipeo le tsona di ntse di fetoha ka baka la ho leka ho ntlafatsa dipeo tsa tsona, mme dikhamphane tsa dikhemikhale le tsona di hlahisa dikhemikhale tse ntjha, tse sebe tsang ka mokgwa o tswetseng pele. Ke boikarabelo ba molemi ho etsa dipatlisiso le ho bala haholo ka moo a kgonang ka teng ka dinako tsohle, mme ka ho etsa tjena o ipha bokgoni le ho imatlafatsa ka boyena hore e be molemi ya tswetseng pele, ya beileng monwana wa hae ka dinako tsohle sepatjheng sa indasteri ena e kgolo, e holang, ya poone naheng ena ya rona. Temo ya poone ka mokgwa wa no-till haesale e ntse e sebediswa lefatsheng lohle ka dilemo tse ngata, le hoja mona Afrika Borwa mokgwa ona o ile wa bonwa haholoholo mona le mane moo balemi ba tswetsweng pele ba nnileng ba o sebedisa ka dilemo tse ngata. Ho bohlokwa ho ela hloko hore mekgwa ya temo ya no-till e ka lokela temo e kgolo e batsi le yona e nyane ya balemi ba ntseng ba thuthuha. Mekgwa ya temo ya no-till e thusa ka mohwang o siyang mahlaku le dikutu hodima mobu, e leng tse bolang mobung. Tsena tse bolang ke dintho tse ngata tse fanang ka bophelo le ho bopa mobu o nonneng, mme di bitswa ma nyolo a kgonang ho tshwara menontsha hore e fi hlellwe ke dimela. Nnete hape ke hore ho nnile ha eba teng dikatleho le mefokolo tshebedisong ya mekgwa ya temo ya no-till. Ka kakaretso ho dumelwa hore katleho ya mekgwa ena e itsheteha ka dintlha tse nne tsa sehlooho, e leng katamelo (attitude) ya rona, sejothollo sa nako e fetileng, mefuta ya mobu hammoho le plantere ya notill. Hara tsena tse nne, tse tharo di kgona ho laolwa mofuta wa mobu o ke ke wa laolwa. Katamelo ya motho e ama mohato wa katleho karolong e nngwe le e nngwe ya bophelo ba motho, eseng feela temong. Haeba molemi a jala poone ka mokgwa wa no-till a hloka boinehelo bo feletseng ho seo a se etsang, a ka nna a qetella ka halofo ya dijothollo! Katleho mokgweng ona wa no-till ntle le tikatiko e hloka moralo o tswetseng pele le boitokisetso ho tiisa hore katleho e tla ba teng. Pele o ikakgela ka setotswana Tseba mofuta wa hao wa mobu. Mokgwa wa no-till o a kgonahala mebung e mengata ya selokwe, mme balemi ba bangata ba etsa mosebetsi o tswileng matsoho tlhahisong ka mokgwa ona, mme mokgwa ona wa paballo ya Ditaba tsena re di tshohlelwa ke Jenny Mathews, mophehisi ho tsa Pula/Imvula. Ho tseba haholwanyane, romella e-meile ho jenjonmat@gmail.com. Ha a ntse a sebetsa polasing South Dakota, Gavin Mathews o nkile foto ena ya mohwang wa koro. (Photo: Gavin Mathews) 3

MADE POSSIBLE BY THE MAIZE TRUST TLHAHISO Selelekela mokgweng wa no-till wa temo ya poone mobu o fupere menyetla haholoholo nakong e telele ka ha menyetla ya nnete ya tlhahiso ya poone ka mokgwa ona e bonahala ka mora dilemo tse nne ho isa ho tse hlano tsa tshebediso ya mokgwa ona. Nahana taba ya ho qala hannyane le ho ithuta ka boiphihlelo (tseo o kopaneng le tsona). Balemi ba bangata ba ithola morwalo ka ho fetohela mokgweng ona, mme ba etsa matsapa ohle ho ithuta haholo ka moo ba kgonang ka teng pele ba fetohela mokgweng wa no-till e le wona wa temo yohle ya bona. Hobaneng mokgwa wa no-till pooneng Ho se ho bile teng thahasello e kgolo mokgwe ng wa no-till haholoholo ho ya ka ditjeo tse ntseng di eketseha tsa dike n- ngwamobung le tsa mafura. Mesebetsi ke e fokotsehileng ya masimong, ka hoo, terekere e ke ke ya sebetsa haholo masimong jwalo ka ha ho etsahala mokgweng wa sejwalejwale wa temo hona ho fokotsa ditshenyehelo tsa nako le tsa mosebetsi. Dintlha tse ding tse molemo mokgweng ona wa no-till ke tsena: Tlhoko ya ho baballa mongobo; Tlhoko ya ho bopa boemo bo botle ba mobu; le Ho fela le ho senyeha ha diparete tsa metjhine e phahameng ka theko ho a fokotseha. Le hoja ditshenyehelo tsa mathomong tsa plantere ya no-till di bile teng, empa ho bonahetse hore nakong e telele matsete a ditjhelete metjhineng a ba tlase. Mekgwa ya no-till e siyang mehwang ya sehla se fetileng masimong e fokotsa kgoholeho e bakwang ke moya le metsi. Afrika Borwa e shebane le bothata ba kobo ya kgomo ka baka la kgoholeho ya mobu mabatoweng a mang. Mokgwa wa no-till ke wona o ka fedisang bothata bona. Tse bolang tse bang teng ka baka la mohwang wa dijothollo di ka thusa ho ntlafatsa popeho le monono wa mobu. Boleng bo ntlafetseng ba mobu bo kgothaletsa kuno e ntle. Ka ha no-till e ntlafatsa popeho ya mobu, ditjeo tsa tlhahiso di a fokotseha empa tlhahiso yona e a eketseha. Tse shejwang tsamaisong Ho fumana bokgoni bo botle ba dijothollo masimong a no-till ho sa le teng dintlha tsa bohlokwa tse tshwanetseng ho behwa leihlo: Kalaka ph e ntle haholo ya mobu wa no-till ke 5,5-6,5, ka ha hona ho tla thusa ka tshebetso e ntle ya dibolayalehola le ho eketsa menontsha ya sejothollo. Manyolo Etsa disampole tsa mobu nako le nako, mme o kenye phosphates le potash ka moo ho hlokahalang ka teng. Mebu e futumala butlenyana mobung o ka tlasa mohwang, mme ka baka lena, keletso ke hore ho qalwe ka ho sebedisa manyolo a nitrogene le phosphorous hore poone e simolle ka matla. Letsatsi la ho jala Balemi ba lemohile hore dithemphereitjhara tsa mobu botebong ba dinoko tse pedi di ka phola haholo mokgweng wa no-till ho feta ho wa sekgalekgale. Hona ho bolela hore e ka ba bohlale ho jala poone ya no-till moraonyana hanyane ho ya masimo a phethotsweng ka mokgwa wa sejwalejwale ka ha peo ya poone e tshabana le themphereitjhara ya mobu nakong ya ho mela ha yona. Diplantere tsa no-till Plantere ya no-till planter ke ditjeo tse kgolo. Mohopolo o motle ke ho leka ho hira plantere ha motho a simolla ka mokgwa ona. Mofuta wa mohwang o kupeditseng mobu masimong o tla ama ho setwa (setting) ha plantere ya no-till ka ha plantere e tshwanetse ho kgaola mohwang le ho kenya peo ka ho lekana dipakeng le botebong bo nepahetseng hore e thetsane hantle le mobu. Plantere jwale e tshwanetse ho tiisa mobu ho potoloha le peo ho tiisa hore e mela le ho hlahela ka hantle ka hodima mobu. Diplantere tsena hangata din a le ditetse tse pedi tse bulang diforo tsa peo ha mabidi a masesa nyane, a le mang kapa a le mabedi a sebediswa ho hatella mobu ho potoloha peo. Taba e hlokolosi haholo nakong ya ho jala ke ho thetsana ha mobu-le-peo hammoho le botebo ba ho jala peo. Taolo ya lehola Taolo ya lehola ke ntlha e hlokolosi haholo katlehong ya mekgwa ya no-till ka ha ha ho mesebetsi ya sekgalekgale ya ho kgaola le ho fothola mahola masimong. Tshebetso ya dibolayalehola e ka nna ya fokotswa ke bongata bo qhalaneng ba dijothollo le masalla a lehola a tswang masimong a itshwarelletsang ho dibolayalehola, mme a sitisa sebolayalehola ho aparela dikarolo tsohle ka ho lekana. Ka baka lena, kgetho ya sebolayalehola, sekgahla sa tshebediso ya sona hammoho le mokgwa wa tshebediso ya sona di hloka ho elwa hloko ka ho qolleha. Hona ha se bothata bo ke keng ba qojwa, mme hape ke nnete hore mohwang o setseng hodima mobu o ka nna wa sitisa kgolo ya lehola ka kgatello ya wona. Tlwaelo e ntle ke ho ikopanya ka nako tsohle le ditsebi hobane tshebediso e atileng haholo le e dulang e sebediswa ka nako tsohle ya sebolayalehola se le seng ho ya ho ile e baka mathata, mme ke lona lebaka la manganga a ntseng a eketseha a lehola kgahlanong le dibolayalehola. Dibolayalehola le metswako ya tsona ke dintho tse tshwanetseng ho nna di fapantshwa. Mofuta wa mohwang Dijothollo tse fapaneng di siya mefuta e fapaneng ya mohwang wa boleng bo fapaneng masimong. Tse ding di hlahisa maemo a matle a temo ya no-till jwalo ka dinawa tsa soya kapa dijothollo tsa furu ha tse ding di kgema mmoho le maemo a phephetsang, mohlala, poone pooneng. Ho bohlokwa ho tseba menyetla le diphephetso tse tla tliswa ke sejothollo ka seng se tla kenngwa phapantshong masimong a itseng. Dijothollo tsa mofuta wa monawa di fana ka nitrojene e nontshang mobu, ha mohwang wa dijothollo tse ding o ka nna wa iphetola sebaka moo dikokwanya di ipatang ho ona, mme dikokwanyana tsena di tshwanetse ho laolwa pele sejothollo se setjha se jalwa. Poone e ka nna ya jalwa mohwanng wa poone empa ho tshwanetse ho nkwa haholo mehato ya ho laola dikokwanyana le lehola. Qetelo Ho hlakile hore mokgwa wa no-till o tshwere tse kgolo bokamosong ba tlhahiso ya poone le dijothollo tse ding. Boleng ba ntlafatso ya mongobo wa mobu le mobu o motle o sa hoholeheng, o sa lahlehelweng ha bonolo ke menontsha, ha se dintho tse ka kgellwang fatshe. Empa tsena ke disebediswa tsa bohlokwa nakong e tlang, tikolohong e tlamehileng ho kgema mmoho le diphetoho tsa tlelaemete le ditlhoko tse eketsehang tsa tse lebelletsweng mobung. Ditaba tsena re di tshohlelwa ke Jenny Mathews, mophehisi ho tsa Pula/Imvula. Ho tseba haholwanyane romella e-meile ho jenjonmat@gmail.com. 4

LEHLAKORE LA BOPHELO MADE POSSIBLE BY THE MAIZE TRUST Grain SA e buisana le... Alan Jeftha Kgweding ena bahlophisi ba rona ba iphile nako ya ho tsebana le Alan Jeftha. Alan ke molemi Suurbraak le Constantia Borwa ba Kaapa. Bala tse ngata ka molemi enwa ya mafolofolo, ya dumelang mokgweng wa temo ya paballo le wa no-till. O tshwere temo hokae, le hona ya dihekthara tse kae? O sehwai sa eng? Ke rapolasi Suurbraak, mme ke sebetsana le dintho tse pedi, e leng dijothollo (koro, canola, le kgarese) le mehlape, e leng dikgomo tsa Fleckvieh Simmental, dinku tsa Hampshire Down tsa tlhahiso ya dikonyana le boya hammoho le dipodi tsa lebese tsa Saanen hammoho le Constantia, moo ke nang le tshimo ya merara ya Shiraz. Mane Suurbraak selemong sena ke jetse dihekthara tse 90 tsa dijothollo, tse 25 tsa medics mabapi le mehlape, mme ke na le dihekthara tse ka bang 50 tsa thota ya ho fudisa. Constantia teng ke lemme hekthara e le nngwe ya Shiraz moo re sebedisang mokgwa wa dithupa tse tshehetsang morara. Ke sefe se o fang mafolofolo? Ke na le tjheseho ya ho ba sehwai sa molemi hammoho le ho kenya letsoho tlhahisong ya dijo tsa naha ya rona, ha ke ntse ke tshireletsa le ho ntlafatsa tikoloho le ho thusa tabeng ya ho thehwa ha mesebetsi. Ke motho ya dumelang temong ya paballo le ya no till, hammoho le ho baballa thota ya Renosterveld eo re nang le yona Suurbraak, hammoho le ho ithuta bolemi ba kgwebo, le ho etsa jwalo ka ho ikamahanya le mefuta e mmedi ya tseo ke nang le tsona mona Suurbraak. Hlalosa matla le bofokodi ba hao Matla a ka ke hore ke motho ya mamelang hantle, ya mafolofolo ho ithuta ho motataisi aisi wa ka, Dirk van Papendorp hammoho le ho metswalle ya ka eo e leng ditho le nna Koporasing ya Suurbraak ya balemi ba dijothollo. Bofokodi ba ka ke hore ke laola nako ya ka haholo hobane ke dumela tsopeleng ya setjhaba le ho thusa phokotsehong ya ntshe- bofutsana, mme hona ho nka nako e ngata ya ka. Kuno ya hao ya dijothollo e bile jwang ha o ne o simolla ka temo? Dikuno tse fapaneng tsa hao di jwang hajwale? ale? Ke simollotse tlhahiso ya dijothollo ollo dilemo tse tharo tse fetileng ha ke ne ke jala a dihekthara hara tse 45 tsa koro le habore moo ke kotutseng tseng ditone tse 1,5 hekthara ka nngwe. Selemong sena ke jala dihekthara tse 90 tsa sejothollo le tse 25 tsa medics (mofuta wa moroho o kang dierekisi), i), mme kuno ya ka ya sejothollo hajwale ke ditone tse 2,2 hekthara ka nngwe. Selemong se tlang ke hopotse ho jala dihekthara tse 125 tsa dijothollo le ho eketsa masimo a medics ho fihlela dihekthareng tse ka bang 35. Ka mokgwa wa temo ya paballo le ho eketsa mohwang wa dijothollo masimong le ho laola sebaka sa ho fula ha mehlape ke tshepa hore ke tla eketsa boteng ba carbon masimong a ka le ho bopa diphedi tse nyane tse mobung hammoho le ho tshwara metsi mobung, mme ka hoo ke tshepa hore ke tla eketsa dikuno hore di fihlelle ditone tse 2,5 hekthara ka nngwe tsa koro kapa habore, le ditone tse 1,5 tsa canola hekthara ka nngwe. Taba ya sehlooho e kentseng letsoho katlehong le tswelopeleng ya hao e bile efe? Ho tataiswa, ho tshehetswa le ho kwetliswa ke ba Grain SA hammoho le mekgwa yohle ya bona hammoho le thupello ya bona e ntseng e tswela pele. O fumane kwetliso efe ho fihlela mona, mme ke efe eo o ka lakatsang ho e fumana? Ke bile le kwetliso mojuleng wa 1 le wa 2 wa Tlhahiso ya Koro o rutwang ke ba Grain SA. Hape ke phethetse Sesebediswa le Tlhokomelo ya Terekere, Ho etsa veine le temo ya merara le ba Yunibesithi ya Stellenbosch hammoho le Ho etsa tjhise le Temo ka Mahe a Dinotshi. Ke entse tjhise ka lebese e la dipodi, mme me hajwale ke ntse ke eketsa etsa mohlape wa Saanen ho fihla palong e ka etsang 120, e le hore ke kgone ho ba le polante e kgolo e sebetsanang le tjhise le yoghurt polasing ya ka Suurbraak. urbraara Karolo e nngwe ya mosebe tsi wa ka ke na le matlo a ka bang 30 a dinotshi, mme ke tla a eketsa hore a be 100, mme ke rona ba tla ikahela wona. O ipona o le hokae nakong ya dilemo tse hlano? Nakong ya dilemo tse hlano nka rata ho hlahisa dijothollo tsa ka dihekthareng tse 150 le ho fokotsa dikgomo tsa ka, le ho eketsa dipodi tsa lebese hore e be tse ka bang 200. Ho feta mona, ke sebetsa ka dinku, dinotshi le mahe a tsona Suurbraak. Ke rata ho hlahisa ditone tse ka bang 12 tsa Shiraz polasing ya Constantia, mme ebe ke iketsetsa veine tlasa lebitso la kgwebo leo e leng la rona, e leng Constantiavale. Ke rata ho sebetsa tsa temo le ba Suurbraak Grain Farmers Co-Operative polasing moo ke jalang bonyane dihekthara tse 1000 tsa dijothollo. Keletso ya hao ke efe ho balemi ba ntseng ba thuthuha? Mamela, o ithute ho balemi ba atlehileng ba bahwebi le mekgatlong e kang ya Grain SA, mme o sebedise mekgwa ya paballo ya temo hammoho le kwetliso e ntseng e tswela pele. Ditaba tsena re di tshohlelwa ke Liana Stroebel, mophehisi ho tsa Pula/Imvula. Ho tseba haholwanyane romella e-meile ho liana@grainsa.co.za. 5

MADE POSSIBLE BY OPOT TSE KENNGWANG MOBUNG Eba le soneblomo e ntle sehleng sena Sehla se setjha sa ho jala dijothollo tsa lehlabula le soneblomo ka ho qolleha se haufi haholo Ho bonahala eka ke nakwana kotulo e phethetswe. Ditekanyetso tsa dijothollo tsa SAGIS tsa 2013 di bontsha hore ditone tse 566 600 tsa naha di ile tsa hlahiswa dihekthareng tse 504 700. Hona ho lekana le ditone tse 1,12 hekthara ka nngwe. Palohare e tlase ya kuno ke setshwantsho sa dipaterone tse fapanang haholo tsa pula e bileng teng dibakeng tse kgolo tsa tlhahiso ya dijothollo tsa lehlabula. Moo ho bileng pula e lekaneng ke moo kuno tsa ditone tse 1,8 hekthara ka nngwe ho isa ho tse 2,0 hekthara ka nngwe hantlentle di ileng tsa fumanwa. Dibaka tse ding di bile le kuno e tlase kapa ho hang tsa hloka kuno. Bapisa palohare ya kuno ya naha le kuno polasing ya hao. Theko ya ka moso ya soneblomo ka Hlakubele 2014 e qotswa e le R5 125, ebe e theohela ho R4 840 kgweding ya Motsheanong ka 2014 hoba sejothollo sa sehlooho se hlahiswe ka mora kotulo. Theko ya R5 000 e ka sebediswa morerong wa hao wa tlhahiso hammoho le tlhophollong ya kotulo yohle ya hao. Soneblomo e ka ba e nngwe ya dikgetho tse molemo tsa dijothollo tsa hao tsa tlhahiso e ka o tswelang molemo sehleng sena haeba o ka ikemisetsa ho una kuno eo o e shebileng ya bonyane ditone tse 1,5 hekthara ka nngwe. Etsa bonnete hore o jala mebung e nang le bokgoni ba tlhahiso e ntle. Mongobo o bolokilweng le boemo ba mobu Naha e shebane le komello e kgolo haholo dibakeng tse ngata tsa tlhahiso moo dipula tse fokolng haholo tsa hwetla le mariha di ileng tsa eba teng nakong ya ho ngolwa ha Lengolo lena. Mohlomong o bile lehlohonolo ho ba le mongobonyana mobung, mme hona e ka ba motheo wa hao wa ho rera tlhahiso ya hao ya soneblomo le matsatsi a ho jala. Sebaka moo o hopotseng ho jala soneblomo, poone, dinawa tsa soya hammoho le dijothollo tse ding se tshwaetswa haholo ke dipaterone tsa pula e nang dibekeng tsa ho qetela tsa Loetse le kgweding ya Mphalane. Haeba pula e se e lekaneng ho simolla ka ho bokella mongobo le ho lokisa mobu pele ho jalwa, balemi ba tla sekamela tabeng ya ho jala hannyane dinawa tsa soya le poone. Kaofela dijothollo tsena, haholoholo dinawa tsa soya di na le nako e nyane, e hlokolosi ya ho jala mabapi le dikuno tse ntle tse reretsweng kgwebo. Ka lehlohonolo, soneblomo e na le nako e teletsana ya ho jala, e simollana ka Mphalane ho fihlela ka Pherekgong dibakeng tsa ho jala tse lebatoweng le ka bophirimela. O se ke wa ipeha kotsing ya ho jala masimong a hlokang mongobo o lekaneng! Boleng le bongata ba peo ya lebasetere Ha motho a nahana ka dinnete tse boletsweng mona hodimo, bohlale e ka ba ho kenya kopo ya ho romellwa peo e lekaneng ya soneblomo, e nang le matsatsi a fapaneng a ho phethahala ha kgolo ya yona. Mona o ka nna wa ba le kgetho ya ho jala e sa le pele haeba mongobo o lekane mobung, mme hape haeba o na le mefuta e fapaneng ya sehla se sekgutshwanyane lephepheng kapa setorong sa hao, e le hore o tle o jale hamorao haeba dipula tse ntle di ka ba teng feela nakong ya Pudungwana kapa mathwasong a Tshitwe. Peo le kgetho ya mofuta wa peo Ke feela mofuta wa peo ya boleng e nang le peresente e phahameng ya ho mela, e seng e lekilwe lebatoweng la hao kapa polasing ya hao, e tshwanetseng ho rekwa dikhamphaneng tse etsang le ho rekisa dipeo. Indasteri e hlahisang soneblomo e ka nna ya tadingwa e le e seng e ikemetse mona Afrika Borwa, e nang le tsebo e ngata ho ya ka mekgwa ya tlhahiso e sebedisitsweng, e leng e fumanwang dikhamphaneng tsena. Ka mehla sebedisa mofuta wa peo eo ho seng ho tsejwa hore e itshwara jwang lebatoweng la hao kapa polasing ya hao. Le ha ho le jwalo, jala mefuta ya peo e metjha le e fapaneng ya ole e ngata selemo le selemo e le hore o kgema mmoho le mefuta ya kuno e ntlafetseng, e nang le ole e phahaphahameng. Mefuta e mengata e a fumaneha mmarakeng, e kgonang ho ba kgahlanong le tshebediso ya ho fafatsa ka dikhemikhale tse itseng, mme e ka jalwa ka sepheo sa ho ba le taolo e ntle ya lehola mo- Theibole ya 1: Kakaretso ya palo e ntle ya dimela. Bokgoni ba kuno g/hekthara Dibaka (dimela/hekthara) Karohano ya peo meleng ya 90 cm 1 000-1 200 25 000 ho isa ho 30 000 45 cm le 36 cm 1 200-2 000 30 000 ho isa ho 35 000 36 cm le 32 cm 2 000-3 000 35 000 ho isa ho 40 000 32 cm le 28 cm 3 000-4 000 40 000 ho isa ho 50 000 28 cm le 22 cm 6

TSE KENNGWANG MOBUNG MADE POSSIBLE BY OPOT kgweng wa sejwalejwale wa ho phethola mobu. Tiisa hore peo eo o e rekang ke ya boholo bo nepahetseng mabapi le dipoleiti tsa hao tseo o ntseng o di sebedisa haeba o ntse o sebedisa plantere ya mofuta wa dipoleiti. Peo ya boholo bo bonyane e ka sebediswa mefuteng ya diplantere tse sebetsang ka moya. Haeba molemi a shebile ho jala dimela tse 40 000 hekthara ka nngwe, ke moo a ka itokisetsang 3 kg ya peo hekthara ka nngwe. Moemedi wa barekisi ba dipeo a ka eletsa mabapi le peo ya boholo bo nepahetseng hammoho le bongata bo ka sebediswang hekthareng ka nngwe. Reka peo e lekaneng ya ho jala hape kapa e ka sebediswang bakeng sa poone kapa dinawa tsa soya haeba tlhoko e jwalo e ka ba teng. Haeba balemi kaofela ba ka ikemisetsa sebaka se seholo sa ho jala soneblomo, kgaello ya peo e ka nna ya ba teng hamorao nakong ya sehla. Matsatsi a ho jala, botebo le palo ya dimela Ebang molemi o entse qeto ya ho jala a shebeile kotulo ya pele, hore a fihlelle diporeisi tse phahameng tsa nako e tlang, nnete ke hore ho jala kgweding ya Loetse kgothaletso feela ke mongobo o motle wa mobu. Matsatsi a matle haholo dibakeng tse phodileng tse ka botjhabela ke mathwasong a Pudungwana ho fihlela bekeng ya pele ya Tshitwe. Mabatoweng a mahareng teng ke ho tloha bekeng ya ho qetela ya Pudungwana ho fihlela mafelong a Tshitwe, mme mabatoweng a ommeng a bophirimela ke bekeng ya ho qetela ya Tshitwe ho fihlela mahareng a Pherekgong. Seta plantere ya hao e le hore peo e jalwa pakeng tsa 2,5 cm le 5 cm (se fete mona) ho itshetlehilwe ka mohwang o hodima mobu, mongobo wa mobu le mofuta wa mobu. Ditetse tse nepahetseng tsa ho jala, tsa taolo e nepahetseng ya botebo, tse etsang mobu o batlang o tiile hantle ka mahlakoreng empa eseng ka hodima peo, ke tsona tse kgothaletswang. Ka mehla eba teng masimong nakong ya ho jala hore o behe leihlo maemong a ho jala a ka nnang a fetoha nakong ya motsheare ho tloha hoseng, motsheare le hamorao thapama. Botebo ba ho jala bo ka nna ba hloka ho fetofetolwa nakong ya motsheare ka baka la boemo ba mongobo bo fetohang. Ka nako tsohle tiisa hore peo e thetsane hantle ka ho tiya le mobu o mongobo. Palo e ntle ya dimela, e leng e tla sala e eme hoba peo e mele, e tla laolwa ke bokgoni ba mobu, mme palo ena e ka akaretswa Theiboleng ya 1. Molao ke hore bonyane dimela tse 20 000 diba keng tsohle di a hlokahala hore motho a fi - hlelle kuno e e ntle, e bonahalang, e ka mo kenyetsang lethonyana. Palo ya ho qetela e amohelehang ya dimela tse emeng e tla laolwa ke letsatsi la ho jala hape. Haeba nako e se e ile haholo, le yona palo e emeng hantle e ke ke ya hlola palo ya pele ya 20 000. Ho bohlokwa ho seta plantere ya hao ho jala 8% ho isa ho 10% ho feta palo ya ho qetela ya kuno, hore peo e sa meleng, e teteaneng kapa e sentsweng ke dikokwanyana, le yona e be le monyetla o itseng. Tiisa hore calibration (matshwao a lekanyang) a plantere ya hao a setwa ka lephepheng ka lebidi le balang peo ka nepo, le bidikolohang dimithara tse 100 tsa mela ya plantere, mme le bala ka nepo dipeo hore ho fi hlellwe palo e batlehang ya dimela. Haeba nako e dumela, jala karolo e nyane ha sehla se simolla hore o kgone ho hlahloba ho arohana ha dimela le tshebetso e ntle ya plantere mabapi le mola o mong le o mong. Qetelo Rera le ho nahanela pele mabapi le maemo a selemo sena, kgetha peo e nepahetseng ya masimo a hao, mme o jale palo e nepahetseng ya dimela ha mobu o na le mongobo o lekaneng. Dikeletso tsena, haeba di latelwa ka nepo, di tla etsa bonnete ba hore sejothollo se setle se ba teng nakong ya sehla sa tlhahiso sa 2013/2104. Ditaba tsena ke tsa molemi ya beileng meja fatshe. 7

MADE D POSSIBLE O SIBL BY BY THEOPOT MAIZE TRUST MEFUTA YA DINAWA TSA SOYA Ke jala mofuta ofe wa nawa tsa soya kapa mofuta ofe wa peo? Ho etsa qeto ka mofuta wa dinawa tsa soya o tshwanetseng ho jalwa ho ntse ho hopolwa maemo a tlelaemete polasing ya hao hammoho le bokgoni ba mobu, e ka nna ya ba taba e thata. Kgetho e nepahetseng e ka etswa feela ha ho ka lekolwa diphetho tse bileng teng tsa mefuta e fapaneng e ileng ya jalwa e rekiswa tlasa maemo a tsamaiso ya hao le katleho tlhahisong ya hao. Bonyane dihla tse tharo tsa sehla sa ho jala di tla hlokahala hore o simolle ho hlwaya hore ke mefuta efe e felang e sebetsa hantle le hore ke efe e sa sebetseng hantle. Haeba ho kgonahala, hlophisa hore polasing ya hao ho etswe teko ya mefuta ya peo e tswang dikhamphaneng tse fapaneng, ha wena o jala mefuta e mmedi kapa e meraro e seng e lekilwe thekisong. Jwalo ka ha o tla lemoha, mofuta o nepahetseng o tla hlola mofuta o sa nepahalang ka ditone tse 0,5 kapa ho feta hekthareng ka nngwe, mme o ka etsa phapang pakeng tsa tlhahiso e ntle le e seng ntle. Mokgwa o le mong feela wa hore o tsebe mofuta o nepahetseng polasing ya hao ke wa boiphihlelo boo motho a fetileng ho bona tlhahisong ya hae. O se ke wa itshohlometsa feela, wa phopholetsa o kwetse mahlo, o sa tsebe hore mofuta o nepahetseng ke ofe haeba o shebile taba ya ho kena kgwebong ya thekiso ya dijothollo tsa hao. Mefuta ya dinawa tsa soya matshwao a dimela le mobu Matshwao a bohlokwa a dimela le mobu mabapi le dinawa tsa soya mananeong a ho hlahisa dimela le kgwebo, a ka hlophiswa ho ya ka dintlha tse itseng tsa sehlooho. Tsena ke bolelele ba sehla sa kgolo kapa sehlopha sa kgolo ya tsona (mofuta wa kgolo, e leng o ka laolehang le o sa laoleheng), palohare ya matsatsi a ho etsa dipalesa, palohare ya ho fihlella kgolo e phethahetseng, bophahamo ba dimela, bophahamo ba kebolwa/lephotsa, ho ema ha dimela, bokgoni kgahlanong le ho pshatleha, palohare ya dipeo kilogramong e le nngwe ha mmoho le palo e lebelletsweng ya dimela tse emeng. Matshwao ana hangata a hlophiswa ke ba sebetsanang le tlhahiso ya dipeo kapa dikhamphane tse rekisang dipeo ho ya ka sekala sa 1 ho isa ho 9 moo 1 e bolelang phahame kapa e tswile matsoho kapa ntle haholo, mme 9 yona e bolela tlase kapa fokola haholo. Mefuta e mengata ya dipeo ke e sa lwantshaneng le glyphosate, mme e ka sebediswa, ya ba le diphetho tse ntle mokgweng o nepahetseng wa taolo ya lehola wa roundup ready. Dikhemikhale tse sebediswang lenaneong le kang lena di tlamehile ho sebediswa ka hloko boemong bo nepahetseng ba semela. Bohlale ke ho tswaka sefafatsi le motswako o nontshang e le hore kgolo e potlake, mme ho lwantshwe tsohle tse mpe tse ka sitisang le ho kgina kgolo matsatsing a beke ho isa ho a leshome hoba motswako ona o sebediswe. Sehla sa kgolo kapa sehlopha sa kgolo e phethahetseng Mmoho le mofuta wa kgolo wa peo, lena ke letshwao le leng la a bohlokwa ka ho fetisisa le tshwanetseng ho elwa hloko. Mefuta e fi hlellang kgolo e phethahetseng kapele ke e loketseng mabatowa a phodileng kapa a nang le sehla se sekgutshwane sa kgolo ya lehlabula. Dinawa tsa soya tse fi hlellang kgolo e phethahetseng kapele di hloka diyunite tse nyane tsa motjheso papisong le mefuta ya sehla se mahareng kapa sa kgolo e teletsana. Botsa moemedi wa hao wa tsa dipeo mabapi le kgetho e nepahetseng mabapi le mabatowa a futhumetseng kapa a mofuthu o mahareng. Mefuta wa dinawa tsa soya e tshabana le longitude le latitude hammoho le ho phahama ka hodima mohato wa lewatle (sea level) hammoho le bohale ba letsatsi. Phapang ya bophahamo ba dimithara tse 100 pakeng tsa masimo e ka ama kuno qetellong empa mofuta wa peo o ntse o le mong. Mofuta wa kgolo E nngwe ya dintlha tse kgolo tse ka tshwaetsang kuno selemong sefe kapa sefe, maemong a fa paneng a tlelaemete, lebatoweng la temo, ke mofuta wa kgolo. Balemi ho la Brazil moo ho fumanwang balemi ba hlahisang dinawa tsa soya ka ho fetisisa lefatsheng lohle, ba ikamahanya le ho jala haholo mefuta ya dipeo tsa kgolo tse ke keng tsa laolwa. Phapang ke efe pakeng tsa bahlahisi ba dipeo tse ke keng tsa laolwa le bahlahisi ba dipeo tse ka laolwang? Pherekano e ngata e teng pakeng tsa balemi mabapi le phapang pakeng tsa mefuta ena e mmedi ya sehlooho. Mefuta ya peo e batlang e laoleha (semi-determinate) le yona e ntse e fumaneha le ho jalwa, mme e kentse letsoho pherekanong ya tlhophiso ka ha ditlwaelo tsa kgolo di bonwa ke balemi masimong. 8

MEFUTA YA DINAWA TSA SOYA MADE POSSIBLE BY OPOT Bahlahisi ba tse ke keng tsa laoleha Semela sa nawa ya soya se ke keng laoleha se tswela pele ho hola, se ba le mahlaku a matjha hodimo semeleng nakong eo semela se bang le dipalesa le dikebolwa karolong e tlase ya sona. Ha sehla sa kgolo se ntse se tswela pele, ho ka nna ha hlaha dikebolwa tsa boholo bo phethahetseng karolong ena e tlase ya semela ha ka nako yona ena mahlaku a matjha a ntse a tswela pele ho hlaha. Bahlahisi ba tse ka laolehang Dinawa tsa soya tse ka laolehang di na le paterone ya kgolo e fapaneng, mme di phethela saekele ya tsona ya mahlaku pele di qala ho etsa dipalesa le peo. Ka hoo, nawa ya soya e ka laolehang e ka nna ya ba le bophahamo ba mithara, mme ya hloka palesa le ha e le nngwe kapa dikebolwa. Empa nawa ya soya e ke keng ya laoleha yona e tla be e se e simo l - lotse ho etsa dikebolwa ha semela se phahame, se le bophahamong ba 350 mm ho isa ho 500 mm. Molemo o moholo wa mefuta e ke keng ya laoleha ke hore e ka boela e hola ka matla ka mora dinako tsa maemo a komello. Hona ho bonahetse Foreisetata Botjhabela sehleng se fetileng moo dimela di ileng tsa dieha ho hlahisa dipalesa nakong e bileng telele ya komello ya Pherekgong moo di ileng tsa hola ka matla ho hlahisa ditone tse 1,4 hekthara ka nngwe. Ena e bile molemo o motle wa tjhelete tabeng ena. Ka lehlakoreng le leng, ha bahlahisi ba tse ka laolehang ba feta nakong ya motjheso le komello nakong eo semela se hlahisang dipalesa le ho etsa dikebolwa, semela se ka nna sa folotsa mme ha senyeha dipalesa le dikebolwa tse ngata. Ka hoo, ha ho monyetla wa tse ding tse ntjha hamorao. Bophahamo ba semela, ba kebolwa, ho ema ha sona le ho ba kgahlanong le ho pshatleha Dintlha tse ka hodimo mona di boetse di bohlokwa bophahamong bo tlasetlase ba kebolwa bo methilweng ho tloha mohatong wa mobu ho ya dikebolweng tse tlasetlase. Hona ho tshwanetse ho ba bonyane 10 cm ho kgothaletsa le ho potlakisa kotulo e phahameng ya sejothollo ka motjhine o kotulang. Bopahamo ba semela bo laolwa ke tlhaho, empa bo ka tshwaetswa ke maemo a lehodimo a sehla, mme bo ka fapana pakeng tsa 65 cm le 100 cm. Mefuta ya peo e kgethilweng e boetse e tshwanetse ho bontsha bokgoni ba ho ema e otlolohile ho ya hodimo ka mora kgolo e phethahetseng ya yona ho fihlela nakong ya kotulo. Dikebolwa tsa nawa ya soya di tla buleha ha bonolo le ho ntsha peo ha di se di fihlelletse kgolo e phethahetseng, di omme. Haeba pula e ba teng ka mora mohato ona, ho pshatleha/qhalana ho ka nna ha ba hobe haholo. Tsela e le nngwe feela ya ho kotula dipeo tsena tse lahlehang hangata ke ho beha setoko se senyane masimong ka mora kotulo. Ka mehla jala mefuta e mengata, e fapaneng ya peo e nang le dinako tse fapaneng tsa ho fihlella kgolo ya tsona e le hore mosebetsi wa kotulo o tle o phethwe ka nako masimong a fapaneng ka ha dinako tsa ho fihlella kgolo e phethahetseng ke dinako tse fapaneng. Kakaretso Leka ho kgetha mefuta ya peo e lokelang masimo a hao, o ntse o hopola dintlha tseo re buileng ka tsona hodimo mona. Dintlha tsa bohlokwa di kenyelletsa tshebediso ya mefuta e tla lokela bolelele ba sehla sa kgolo polasing ya hao. Kenyelletsa mefuta e laolehang le e sa laoleheng, e leng e nang le dinako tse fapaneng tsa kgolo, mme taba ya bohlokwahlokwa ke ho lemoha le ho rekota matsatsi a ho jala le ho beha leihlo ma tshwao a bohlokwa a dimela le mobu hammoho le kuno e nepahetseng ya qetelo ya mofuta ka mong o jetsweng. Ditaba tsena di hlokolosi kgethong ya mofuta wa peo le tlhahisong e atlehileng ya dinawa tsa soya hammoho le katleho tjheleteng e kenang pokothong ya hao! Ditaba tsena ke tsa molemi ya beileng meja fatshe. 9

MADE POSSIBLE BY OPOT HO SETWA HA SEFAFATSI Metheo ya sefafatsi tokiso ya sona le matshwao a ho setwa Ka ho seta sefafatsi sa hao o tiisa hore sekgahla se nepahetseng sa sefafatsi se tla fafatsa bongata bo nepahetseng hantle ba khemikhale hekthareng ka nngwe. Mohato ona o hlokolosi tshebetsong ya dikhemikhale le matleng a tsona a ho fihlella diphetho tse batlahalang. O tshwanetse ho tseba hore ke dilithara tse kae tsa sephalli tse ka nkwang ke tanka ya ho fafatsa, le hore ho tla hlokahala ditanka tse kae ho phetha mosebetsi o itseng. Tshebediso ya sefafatsi e fapana ho ya ka sejothollo ka seng, dibaka pakeng tsa mela di fapana ho ya ka kgolo ya dimela, hammoho le bophahamo le ho teteana ha tsona. Hona ho bolela hore o tla tshwanela ho etsa di-setting tse ntjha tsa sejothollo. Dikhamphane tse ngata tsa dikhemikhale di tshwanetse ho romella moemedi ya tlilo thusa ka ho hlahloba ho setwa ha difafatsi, mme ke taba e ntle ha o ka etsa kopo ya tshebeletso e tjena, mme hape ho bohlokwa hore molemi ka mong a utlwisise mosebetsi ona wa ho seta sefafatsi (calibration). David Malo, ke sehwai sa poone le soneblomo haufi le Deelpan Provenseng ya North West, ya ntseng a fafatsa poone ya hae. David e bile mojalefa letloleng la Ntlafatso la Lefapha la Ntshetsopele ya Mahae le Ntjhafatso ya Mobu, mme o nnile a tataiswa ke Grain SA le John Mathews. Sefafatsi se lokela ho sebetsa jwale 1. Hlwekisa sefafatsi hantle, mme o tiise hore ha ho matshwao a letho a mafome kapa ho dutla. 2. Tlatsa tanka halofo ka metsi, mme o nke sefafatsi o se ise masimong moo maemo a lehodimo a tshwanang le ao sefafatsi se ilo sebediswa ho ona. 3. Hlahloba melongwana kaofela sefafatsing sa boom ho tiisa hore e sebetsa hantle. 4. Tseba bophara ka ho nepahala ba sefafatsi sa hao sa boom le hore hantlentle melongwana ya sona ke e mekae. 5. Jwale fumana hore sefafatsi se tla feta makgetlo a makae hekthareng ka nngwe. Sheba Setshwantsho sa 1. 6. Mohato o hlahlamang mosebetsing wa ho seta sefafatsi boleleleng ba 100 m maemong a masimo ao se tla beng se sebetsa ho ona, nako le lebelo leo se tla le nka ho fihlella 100 m. 7. Ho feta mona, o tshwanetse ho metha bongata bo ntshwang ke molongwana o le mong ka palo ya metsotswana, e leng eo sefafatsi se e nkang ho feta bolelleleng ba 100 m. Hona ho etswa ka ho bokella bongata ba motswako o ntshwang ke molongwana o le mong metsotsong eo sefafatsi se e nkileng ho fafatsa 100 m ka hara mopotjwana o methang. 8. Jwale bongata bona ba dimililithara bo atiswa ka palo ya melongwana ya boom ho fumana hore ke sephalli se sekae se ntshwang ke sefafatsi ho fihlella 100 m ya masimo. Ke hore: 1 000 ml e tswang molongwaneng o le mong x 12 nozzles = 12 dilithara tsa sephalli tse tswileng/100 m. 9. Atisa seo o se fumaneng ka palo ya makgetlo a ho feta ao o a fumaneng pelenyana hore o tle o fihlelle hekthara e le nngwe. Ke hore: 12 dilithara x 10 makgetlo a ho feta = 120 dilithara hekthara ka nngwe. 10. Jwale ho hlokolosi hore o fumane ho teteana ha khemikhale (chemical concentration), e leng motswako o tla tshwanela ho sebediswa he kthareng e le nngwe, mme o etse tokiso ho ya ka dilithara tsa metsi tseo sefafatsi se di ntshang. Mohlala, ha re nka hore sefafatsi sa hao se tshwara dilithara tse 600 le ho fafatsa tse 120 hekthareng ka nngwe 600 dilithara di arolwa ka 120 dilithara = 5. Hona ho bolela hore o tla fihlella dihekthara tse hlano ka tanka e le nngwe ya ho fafatsa ya motswako wa dikhemikhale. 11. Sheba leibole botlolong ya khemikhale ho tseba hore ke dilithara tse kae kapa dimililithara tse Setshwantsho sa 1: Fumana hore sefafatsi se tla feta makgetlo a makae hekthareng e le nngwe ya masimo. Fumana bophara ba boom x 100 m = area ka disekweremithara (Mohlala: Haeba boom e le bolelele ba 10 m, eba he 10 m x 100 m = 1 000 m² Ka ha hekthara e le nngwe = 10 000 m², re tshwanetse ho arola area e tla fihlellwa ke sefafatsi 100 m², hore e be 10 000 m². Hona ke ho fumana hore ke makgetlo a makae ao sefafatsi se tla tshwanela ho feta hore se fihlelle hekthara ya masimo. Boom e bolelele ba 10 m dipalo di tla ema tjena: 10 000 m² e arolwa ka 1 000 m² = 10 Hona ho bolela hore sefafatsi se tla feta makgetlo a 10 hekthareng e le nngwe ya masimo. Natie Visser wa Sannieshof ke moemedi wa barekisi ba mefuta ya dipeo le dikhemikhale. Ke enwa o ntse a thusa David ka ho setwa ha difafatsi tsa hae. kae tse tla tshwanela ho fafatswa hekthareng ka nngwe, mme o etse diphetohonyana tse hlokahalang. Mohlaleng o ka hodimo re fumane hore sefafatsi se fihlella dihekthara tse hlano ka tanka ya metsi. Mohlaleng ona o tla iphumanela hore ke khemikhale e kae e tla hlokahala tankeng e le nngwe e tla fihlella dihekthara tse hlano. Jwale o na le dintlha tsohle tseo o tla di hloka O tseba hore ke dilithara tse kae tse fafatswang ke tanka hekthareng e le nngwe. O tseba hore ke dihekthara tse kae tse fihlellwang ke tanka e le nngwe. Haeba bongata ba metsi a hlokahalang bo sa lekana, ho ka nna ha etswa diphetoho ka ho sotha pompo ya pressure ho ya hodimo kapa tlase. Hona ho tla o fa setshwantsho sa metsi a tla tswa. Haeba o fetola bongata ba metsi a tswang, ke moo o tla tshwanela ho sebetsa dipalo hape. O SE KE wa adjusta pressure ha sefafatsi se se se setilwe (calibrated). Etsa motswako wa metsi le khemikhale ho ya ka palo ya dihekthra tse fihlellwang ke tanka e tletseng ya sefafatsi. Taba ya bohlokwa Ka mora ho sebedisa tanka e tletseng, taba ya bohlokwa ke ho metha area e fihlelletsweng ho tiisa hore di-calibrations (ho setwa) di nepahetse. Etsa di-adjustmente haeba ho hlokahala. Hlahloba hore melongwana kaofela e sebetsa ka nepo le hore ha e a thibana. Hlahloba difilthara tsa ditanka letsatsi le letsatsi ho tiisa hore metsi/motswako o fafatswa ntle le tshitiso ya letho. Ditaba tsena re di tshohlelwa ke Jenny Mathews, mophehisi ho tsa Pula/Imvula. Ho tseba haholwanyane romella e-meile ho jenjonmat@gmail.com. 10

NTSHETSOPELE YA MOLEMI MADE POSSIBLE BY OPOT Grain SA e thoholetsa balemi matsatsing a Agri Mega Week Grain SA e ile ya tshehetsa ka ditjhelete ho hlonngwa ha tente ya baeti matsatsing a Agri Mega Week (18-21 Loetse 2013) mane Bredasdorp ho amohela ditho tsohle tsa Grain SA, bohle ba kentseng letsoho indastering ya dijothollo hammoho le ba kgaso/dikoranta. Bomanejara ba Provense ba Kaapa Bophirimela le Borwa, hammoho le Jannie de Villiers, Louw Steytler le Susan Engelbrecht ba tswang ntlokgolo ya ofisi ya rona ba bile teng ketsahalong ena. Labohlano e bile la ketsahalo e kgolo moo palo e kgolo e bileng teng ya balemi ba rona ba ntseng ba thuthuha hohle mabatoweng a Kaapa Bophirimela le Borwa. Balemi ba bile le monyetla wa ho buisana le Louw Steytler le Jannie de Villiers, hape le ho ntsha maikutlo a bona mabapi le hore bokamoso bo ba fupareletse eng ka phumantsho ya mobu Kaapa Bophirimela le Borwa. Balemi ba bangata ba ile ba hlahisa kananelo ya bona ho Grain SA le hore ba ikutlwa ba ena le sebete tataisong le tshehetsong eo ba seng ba e fumane ho fihlela mona le hore ba ikutlwa ba ena le tiisetso ya tshehetso e tla nne e be teng le nakong e tlang. Le hoja Grain SA e fane ka dithuto tse ka bang 38 ho la Kaapa Bophirimela le Kaapa Borwa nakong ya dikgwedi tse tharo tse fetileng, tlhoko e ngata ya kwetliso e sa ntse e le teng. Balemi ba bangata ba ntseng ba thuthuha ba ile ba hlahisa maikutlo a bona mabapi le tlhoko ya kwetliso, mme ntle le tikatiko sello sena se tla arabelwa dikweding tse mmalwa tse tlang. Ho feta mona, Agri Mega Week e ile ya fa ba Grain SA monyetla wa ho tsebisa balemi ba Kaapa Bophirimela le Borwa ka seo Grain SA e tshwarahaneng le sona ho phatlalla le naha yohle mabapi le dihlopha tsa boithuto, kwetliso, matsatsi a balemi le mananeo a dikolo, mme ya kgothalletsa balemi ho itihela ka setotswana mererong ena. Ditaba tsena di tshohlwa ke Liana Stroebel, mophehisi ho tsa Pula/Imvula. Ho tseba haholwanyane romella e-meile ho liana@grainsa.co.za. 11

MADE POSSIBLE BY PULA THE MAIZE TRUST IMVULA Bahlophisi GRAIN SA: BLOEMFONTEIN Suite 3, Private Bag X11, Brandhof, 9324 7 Collins Street, Arboretum Bloemfontein 08600 47246 Fax: 051 430 7574 www.grainsa.co.za MOHLOPHISI YA KA SEHLOHONG Jane McPherson 082 854 7171 jane@grainsa.co.za MOHLOPHISI WA PHATLALATSO Liana Stroebel 084 264 1422 liana@grainsa.co.za MORALO, TLHOPHISO LE HO PRINTA Infoworks 018 468 2716 www.infoworks.biz PULA/IMVULA E FUMANEHA KA DIPUO TSE LATELANG: Sesotho, English, Afrikaans, Setswana, Sesotho sa Leboya, Sezulu le Seqhotsa. Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi BAHOKAHANYI BA NTSHETSOPELE Danie van den Berg Foreisetata (Bloemfontein) 071 675 5497 danie@grainsa.co.za Johan Kriel Foreisetata (Ladybrand) 079 497 4294 johank@grainsa.co.za Ofisi: 051 924 1099 Dimakatsi Nyambose Jerry Mthombothi Mpumalanga (Nelspruit) 084 604 0549 jerry@grainsa.co.za Ofisi: 013 755 4575 Nonhlanhla Sithole Naas Gouws Mpumalanga (Belfast) 072 736 7219 naas@grainsa.co.za Jurie Mentz KwaZulu-Natal (Vryheid) 082 354 5749 jurie@grainsa.co.za Ofisi: 034 980 1455 Sydwell Nkosi Ian Househam Eastern Cape (Kokstad) 078 791 1004 ian@grainsa.co.za Ofisi: 039 727 5749 Jenilee Buntting Lawrence Luthango Eastern Cape (Mthatha) 076 674 0915 lawrence@grainsa.co.za Ofisi: 047 531 0619 Cwayita Mpotyi Toit Wessels Western Cape (Paarl) 082 658 6552 toit@grainsa.co.za THIS PUBLICATION IS MADE POSSIBLE BY THE CONTRIBUTION OF THE MAIZE TRUST A re lwantsheng ditadi! Ditadi le taolo ya diphoofotswana tsena tse nyane ke phephetso ho balemi ba bangata. Lengolong lena, re fana ka kakaretso ya mehato ya ho laola ditadi tsena tse tshwe nyang. Iphe nako ya ho lema dibaka moo ditadi tsena di leng ho tsona. Ha ditadi di tlohellwa feela, haholoholo nakong ya fallow period, e leng eo masimo a tlohetsweng feela ho sa jalwa letho, ditadi di a qhanolla, mme ha ho mang ya senyang sekgutlwana sa tsona hona ho bohlokwa haholo ho bahlahisi ba sebedisang mokgwa wa temo e nyane kapa wa no-till. Sebedisa diphooko le dinonyana tse jang ditadi ho tshosa ditadi, mme hanghang tshwara tse reng di tswela ka ntle etsa dikalana moo diphooko le dinonyana tse ding di ka dulang teng ha di tsomana le ditadi. Sebedisa feela meriana e bolayang ditadi (dibolayatadi) e ngodisitsweng, e ke keng ya fetisetsa tjhefo dinonyaneng tsena. Etsa bonnete hore sebolayatadi se tla hle se tshwase ditadi. O mong wa mekgwa e matla, empa e seng kotsi ke ho nka thootse/peo e pheilweng ha bonolo le e ntseng e hola, le ho di tswaka le ole ya ho pheha le zinc phosphide, ebe o beha ka hara dipeipi ho tshekalla le masimo, kapa hona moo di hlileng di dulang teng di le ngata. O se ke wa emela hore palo ya ditadi e be e ngata, e ke keng ya laolwa mena dimmou, sebetsana le bothata bona hanghang pele ditadi tsena di tjheka mekoti le ho ja dimela tse ntseng di hola. Hammoho le dijothollo tsa sehlooho, jala sejothollo se tla tshwasa ditadi, e leng se tla mela nakong e le nngwe le dijothollo tsa hao sejothollo sena se tshwasang se jalwe se teteane haholo karolong e ka hlohong kapa e ka thoko ya masimo. Nka poone ya kgale kapa ya koro e seng e sa sebetse. E jale. Ha ditadi di batla dijo, di tla di fumana mona. Kgaohana le dinoha, mesha le dinakedi le tsona di ntse di itjella ditadi le madinyane a tsona. Tshwarahana matsoho le balemi ba bang ntweng e kgahlanong le moleko ona wa ditadi re ke ke ra hlola ntwa ena haeba re sa etse tshoho la monna ke mokolla kgahlanong le ntwa ena e kgolo. Ditaba tsena re di kumelwa ke Dr Gerhard H Verdoorn, wa Griffon ya Setsha sa Ditaba tsa Tjhefu le Mekgatlo ya Phekolo ya diphoofolo le Dijothollo Afrika Borwa (AVCASA) mabapi le Grain SA ya Pudungwana 2012. Ho tseba haholwanyane romella e-meile ho nesher@tiscali.co.za. 12 TAOLO YA TSE TSHWENYANG Tadi e tjena. Tadi e tjheka mokoti hara poone. Masepa a ditadi a bontsha moo di leng teng. Ditadi 10; mohlahisi 0.