Lentswe la Bohlale
Hobane boemo ba mmele ya rona bo ama moya wa rona, Ntate wa rona ya Mahodimong o re fa melao e etseditsweng ho ntlafatsa bophelo ba mmele le meya ya rona. Ele karolo ya Tsosoloso ya Evangedi ya Jesu Kreste, Modimo o ile a senolela Moporofeta Joseph Smith hore na re ka hlokomela mmele ya rona jwang hore Moya wa Morena o dule o ena le rona. Tshenolo ena e tsejwa e le Lentswe la Bohlale. Ho boloka molao ona ke tlhoko bakeng la kolobetso ka hare ho Kereke ya Jesu Kreste ya Bahalaledi ba Mehla ya Kajeno. Ditlhohonolofatso tse kgolo di tshepisitswe bao ba bontshang tumelo ya bona ka ho boloka molao ona. Lentswe la Bohlale ke eng? Morena o senotse Lentswe la Bohlale ho Moporofeta Joseph Smith. Tshenolong ena re hlokomediswa ho se sebedise jwala, kwae, le dino tse chesang, e leng kofi le tee. Ha morao baporofeta ba re rutile hore re se sebedise ntho efe kapa efe e nang le dithethefatsi tse seng molaong kapa tse kotsi le dintho tse etsang bokgoba. Lentswe la Bohlale le boetse le ruta hore Molemong wa meya le mmele ya rona, Morena o re kopa ho se sebedise: Jwala. Kwae. Kofi le tee. Dithethefatsi tse seng molaong. Dintho tse ding tse kotsi kapa tsa bokgoba. 3
re je nama ka tekanyetso le hore re lokela ho ja dijothollo, ditholwana le meroho. Ditlhohonolofatso tsa Lentswe la Bohlale Ho boloka Lentswe la Bohlale ho tla ntlafatsa bophelo ba mmele le ba meya ya rona. Le ha ele hore re ntse re angwa ke diphepetso tse tlwaelehileng tsa bophelo bo botle, ho boloka molao ona ho tla re thusa ho eba le mmele le kelello tse phetseng hantle. Ka Testamenteng e Ntjha Moapostola Paolosi o supa hore mmele ke tempele: Ha le tsebe hore mmele ke tempele ya Modimo, mme Moya wa Modimo o ahile Ka ho lona? Ha motho ofe kapa ofe a silafatsa tempele ya Modimo, ke eo Modimo a tla mo fedisa; hobane tempele ya Modimo ya halalela, tempele e leng wena (Bakorinte ba 1 3:16 le 17) Ha o boloka Lentswe la Bohlale, karolo e bonolo, e hlokolosi,ya moya ya sebopeho sa hao e tla itokisetsa ho amohela tsamaiso e tswang ho Modimo. Ithute ho mamela ditshusumetso le maikutlo a moya. O tla hlokomediswa dikotsi mme o tla tsamaiswa ke Moya o Halalelang. Bohlale le tsebo ya hao di tla eketseha. Otla eba le kgotso kelellong, boitshwaro bo eketsehileng, le boikemelo ba sebele bophelong le bokamosong. 4
Lentswe la bohlale Tshenolo ena, e amohetsweng ke Moporofeta Joseph Smith ka 1833, ke tsela e tswang ho Ntate ya Mahodimong ho tla ho bana ba Hae Kajeno. Tse latelang di qotsitswe ho tswa ho tshenolo ena, a fumanwang ka ho Dithuto tsa Tumelo le Dilekane, Khaolo ya 89: Lentswe la Bohlale, molemong wa... kereke, le ho bahalaledi ba Sione... E fanweng e le motheo o nang le tshepiso, o entsweng ho lekanela bofokodi le bofokodi ba bahalaledi ba fokolang ho feta bohle.... Bonang, ruri, ho rialo Morena ho lona: Ka lebaka la ditla-morao tsa bobe le meralo e teng le e tlang ho ba teng ka hare ho dipelo tsa batho ba merero matsatsing a ho qetela, ke... le eletsa pele, ka ho le neha lentswe lena la bohlale ka tshenolo Hore ha motho ofe kapa ofe hare ho lona a nwa veine kapa seno se matla, bonang ha ho wa loka.... Mme hape, kwae ha e ya lokela mmele, kapa mpa, mme ha e ya lokela motho.... Mme hape, dino tse chesang [tee le kofi] ha se tsa mmele kapa mpa.... Ditlama tsohle tse molemo tseo Modimo a di thontseng di loketse mmele, tlholeho, le tshebediso ya motho...
E, le nama ya diphoofolo le ya dinonyana tse fofang moyeng, Nna, Morena, ke di khethetse ho sebediswa ke motho ka teboho; empa di sebediswe ka hlokolosi.... Dijo-thollo tsohle di lokile e le dijo tsa motho; hape le ditholwana tsa morara; tsohle tse behang ditholwana e le ka tlase ho mobu kapa ka hodimo ho mobu.... Mme bahalaledi bohle ba hopolang ho boloka le ho etsa tsena tse builweng... ba tla fuwa bophelo ka hare ho mekgubu ya bona le mmoko masapong a bona; Mme ba tla fumana bohlale le matlotlo a maholo a tsebo, esita le matlotlo a patilweng; Mme ba tla matha empa ba sa kgathale, mme ba tla tsamaya ba ke ke ba akgeha. Mme Nna, Morena, ke ba fa tshepiso, hore lengeloi le fedisang le tla ba feta, jwalo ka bana ba Iseraele, mme le ke ke la ba bolaya. Amen (Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 89:1, 3 le 5, 8 le 10, 12, 16, 18 le 21).
Ho Tlohela Dintho tse Kotsi Haeba o sebedisa kwae, jwala, kofi, tee, dithethefatsi tse seng molaong, kapa dintho tse kotsi le tse etsang bokgoba, emisa hona jwale. O tla hlohonolofatswa ka mmele le moya tse phetseng hantle. Batho ba bang ba bopile ditlwaelo kapa bokgoba ho dintho tse etsang hore ho be Tswela pele ho leka! boima ho tlohela ho di sebedisa. Ha o sebedisa Topollo bophelong ba Haeba o fumana ho le boima ho tlohela dintho tsena tse bopang ditlwaelo, kopa Modimo thusa, le ha tswelo hao, Morena o tla o ka thapelo ho o thusa ho tlohela menahano e kotsi,diketso, hala eka e ya butle. pele ya hao e bona- le meleko ka ditshusumetso tse ahang, tse hlwekileng. Ha o tlatsa bophelo ba hao ka dintho tse nepahetseng tse ahang, ho tla eba le sebaka se fokolang sa tse kotsi tse fosahetseng. Dikgothaletso tse latelang di tla o thusa: Etsa qeto ya ho tlohela. Rapela mme o ile ka tshepo ya hore Morena o tla o thusa ho hlola bokgoba ba hao. Ithute mangolo a halalelang. Tshwara ka kelellong ditemana mme o di bolele kgafetsa. Di tla o tlisetsa matla moyeng. Kopa tlhohonolofatso ya boporista ho o thusa ho hlola moleko. 11
Lahla dintho tse kotsi, mme o se batle tse ding. Etsa lenane la nako, dibaka, le maemo ao ha o le ka hare ho ona o lekwang ke ho roba Lentswe la Bohlale. Bua le batswadi ba hao, molekane wa hao, baruti, le metswalle e meng eo o e tshepang ka hore na o ka qoba jwang dintho tse lenaneng la hao. Mohlala, fumana dintho tse ncha tsa boikgathollo kapa tseo o nang le kgahleho ho tsona tseo di sa tlo o kenya molekong. Mamela mmino o ahang, sebeletsa ba bang, bala dibuka tse hlwekileng, kapa o ikwetlise ha o lekwa. Nka karolo diketsahalong tsa kereke. O tla hola katamelong ya hao ho Morena mme o be le matla a ekeditsweng ho hlola ditakatso tsa hao dinthong tse kotsi. Kena mokgatlo wa tlhabollo o nepahetseng kapa o fumane thuso ya ditsibi. O se lebale hore Morena o tla o thusa ha o tshepela ho Eena. Ho tlohela dintho tsena ho ka ba boima haholo, mme batho ba bang ba ka boela ditlwaelong tsa kgale ho feta lekgetlo le le leng pele ba ka tlohella ruri. Tswela pele ho leka, mme o se lahle tshepo. Ha o ena le boikokobetso le nnete mme o etsa kweletso ya thuso ho Morena le ba bang, o ka hlola bokgoba ba hao ka Tsosoloso ya Jesu Kreste. Ha o phela Lentswe la Bohlale, ditlhohonolofatso tse tshepisitsweng ke Morena e tla ba tsa hao. 12
Merero le Meralo 13
Boithuto bo ekeditsweng Dipotso tse latelang le mangolo a halalelang di tla o thusa ho ithuta haholo ka metheo ka bukaneng ena. Mananeo a mang a bontshang mangolo a halalelang a tla o lebisa ho ditemana tse ding le moo o ka fumanang dintlha tse ding. Hobaneng ke tlameha ho ba hlokolosi ka se kenang ka mmeleng waka? Diporovebia 20:1 (Bibele, Testamente ya kgale) Bakorinthe ba1 3:16 le 17 (Bibele, Testamente e Ntjha) Bakorinte ba1 6:19 le 20 (Bibele, Testamente e Ntjha) Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 89 (Baruti kapa setho sa Kereke ba ka o thusa ho fumana buka ya Dithuto tsa Tumelo le Dilekane. O ka boela wa ya ho www.mormon.org ho e fumana ka inthanete.) Lentswe la Bohlale, True to the faith (Baruti kapa setho sa Kereke ba ka o thusa ho fumana buka ena. O ka boela wa e fumana ithaneteng ho www.mormon.org.) Ke ditlhohonolofatso dife tsa moya le tsa mmele tseo di ka tlang ka ho mamela melao ya Modimo bakeng la bophelo bo botle baka? Daniele 1:3 ho isa ho 20 (Bibele, Testamente ya kgale) Morena o tla mmatlafatsa jwang ha ke lekwa? Mosiah 5:2 (Buka ya Mormon, leqephe la 157) Mosiah 7:33 (Buka ya Mormon, leqephe la 162) Alma 13:27 ho isa ho 29 (Buka ya Mormon, leqephe la 243) Ether 12:27 (Buka ya Mormon, leqephe la 510) 15
Nka etsa eng? Tswela pele ho bala Buka ya Mormon. Tseo o kgothaletswang ho di bala: Phela Lentswe la Bohlale. Rapella thuso ya ho boloka molao ona. Etsa meralo ya ho ntlafatsa bophelo ba hao ba mmele le ba moya ka ho qoba dintho tse kotsi mme o tsepame ho ho ja dijo tsa phepo e nepahetseng le diketso tse tlisang bophelo bo botle. Etla kerekeng Sontaheng sena. Tswela pele ho itokisetsa kolobetswo. Letsatsi la kolobetso: Etela www.mormon.org ho ithuta haholo ka Kereke ya Jesu Kreste ya Bahalaledi ba Mehla ya Kajeno. Tswela pele ho kopana le baruti ho ithuta haholo ka hore na melao ya Modimo eka hlohonolofatsa bophelo ba hao jwang. Kopano e latelang: Mabitso a baruti le nomoro ya mohala: www.mormon.org Ho hlompha ba faneng ka ditshwantsho Lekoko le kapele, maqephe 5, 6, 9, 11, 14 ka Craig Diamond Leqephe la 2, Karolo ho tswa ho Brother Joseph, ka David Lindsley. David Lindsley 2007 ka Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. Printed in the USA.Tumello ya Sekgowa: 11/05. Tumello ya Phetolelo: 11/05. Phetolelo ya The Word of Wisdom. South Sotho 01201 739