Ho Etsa Bonnete ba hore o Fihlella Dibefiti tsa Social Security le Ditlhapiso tsa Sebakeng sa Mosebetsi Indastering ya Merafo

Similar documents
IDIKATENG NEWSLETTER YA SETHO MINEWORKERS PROVIDENT FUND SIYAKHULA WE ARE GROWING SESOTHO PHATLALATSO MOLAETSA HO TSWA HO MOHLANKA E MOHOLO

2 NO GOVERNMENT GAZETTE, 18 MARCH 2009 No. CONTENTS Page No. Gazette No. GENERAL NOTICES Justice and Contitutional Development, Department of Ge

Tshenyeho dementia ya boko bo ka pele (ho kenyeletswa

Lefu la Alzheimer ke eng?

ETSA BAJETE MME O BOLOKE. Ithute maqheka bakeng sa tokoloho ho tsa ditjhelete. Ina Wilken. Phatlalatso ena e tsheheditswe ka motlotlo ka ditjhelete ke

2 No GOVERNMENT GAZETTE, 24 July 2015 Act No. 8 of 2015 Appropriation Act, 2015

ACCOUNTING STANDARDS BOARD STANDARD OF GENERALLY RECOGNISED ACCOUNTING PRACTICE PRESENTATION OF FINANCIAL STATEMENTS (GRAP 1)

Ho tsamaya kapa ho lelera

Takatso ya dijo e seng ntle

ACCOUNTING STANDARDS BOARD STANDARD OF GENERALLY RECOGNISED ACCOUNTING PRACTICE TJHELETE E HLAHANG DITSHEBELETSANONG TSEO ESENG TSA

Ketapele. Leano la bohlophisi ka ho phethahala ha lona le a fumaneha webesaeteng ya SABC, sabc.co.za, kapa ofising le ha e ka ba efe ya SABC.

TATAISO E PHETHAHETSENG YA HO REKA LEHAE TSOHLE TSEO O LOKELANG HO DI TSEBA

Frans Tshepo Mokoena (36) wa Tweespruit

TSHEPISO YA MOLAO-THEO

QL5030(P1041)/ PEDIATRIC INTERNATIONAL ADHERENCE QUESTIONNAIRE Behaviour/Identification NIAID PEDIATRIC AIDS CLINICAL TRIALS GROUP Page 1 of 6

Lentswe la Bohlale 01201_739_WordOfWisdom.indd 1 9/10/12 1:20 PM

Mekgwa ya ho fokotsa tjhefo ya mycotoxin

Boitokisetso pele ho sehla sa poone Sehla se tlang sa ho jala se tshepisa ruri e. Bala Ka Hare: PUDUNGWANA 2013

DIKEREITING TSA SESOTHO PUO YA LAPENG MORALO WA HO QETELA

Nahana, weso Bohahlaudi temong

Kananelo ya ntshetsopele ya molemi

Dijo Tsa Moya Sehleng Se Loketseng

LEANO LA TSHEHETSO LA BARUTWANA BA MOPHATO WA 12

*16 22 Phupu. Toka le Mohau Testamenteng ea Khale: Karolo ea 2 SABATHA MOTŠEARE OA MANTSIBOEA

MORALO OA TEKANO OA LEKHOTLA OA PUSO EA LIBAKA LA MAISA PHOKA COMMUNITY COUNCIL

KE HO TJHABA HA LETSATSI

CONTENTS. 36 Millennium Development Goals At A Glance. Lipehelo tsa ntlafatso ea moshoelella. Pheliso ea bofuma. Pheliso Ea Tlala

autism practical aspects sesotho

LIKHETHONG TSA LA 03 PHUPTJANE

MOLIMO O ITSEBISA KA LIKHATISO TSA OONA

BUKANA YA TSHEDIMOSETSO GO LATELA DITLHOKEGO TSA KAROLO 14 YA MOLAO WA TLHATLOSO YA PHITLHELELO YA TSHEDIMOSETSO. Tsebe 1

`Density of GDP TEXT BOX. GDP per square kilometre

Sub-Saharan Africa I10- Southern Africa

L VE DITLHOPHO TSA BOMMASEPALA YOUR. Khomisene ya Ditlhopho (IEC) SOUTH 18 MOTSHEGANONG 2011 AFRICA 2011 MUNICIPAL ELECTIONS. Go ikgolaganya le iec

LIST OCTOBER 2018 CATALOGUE PAGE BARCODE TITLE EDITION PRICE

SPREADING HOPE OUR CHILDREN ARE OUR GREATEST TREASURE. THEY ARE OUR FUTURE. - NELSON MANDELA

Aquila Steel (S Africa) (Pty) Ltd. Kopano ya baagi 04 Ngwanatsele 2014, Regorogile ura ya boraro & Rooiberg ura yabo thataro

Spatial economic evolution of the airport-centric developments of Cape Town and OR Tambo international airports in South Africa

tokomane ya tshedimosetso ya maitshetlego

YUNIBESITHI YA BOKONE- BOPHIRIMA MOONO KA HIV LE AIDS

International migration data in the case of South Africa

SEGOAGOE CELEBRATING BIZNIZ IN A BOX SUCCESS MAGAZINE FOR THE ROYAL BAFOKENG NATION SEPTEMBER Phokeng Ballet Program page 18

Motheo Wa Togamaano Wa Batho Ba Ba Tlholegang Mo Lefelong (IPPF) Wa Tiro Ya Taolo Ya Kgotlhano-Ya-Batho-Le-Diphologolo (HWCM) Mo Bokone Jwa Botswana

Namibia: The New Manufacturing, Testing and Export Platform for Automotive Companies Serving the Dynamic Southern

TOURISM BUSINESS COUNCIL OF SOUTH AFRICA TRENDS AND INDICATORS REPORT. May 2018

Southern African Development Community (SADC) Grain Trade What does the data say?

ESWATINI (SWAZILAND) Issuing Authorities

DEPARTMENT OF TRANSPORT GUIDE Travel For The 2010 FIFA World Cup

Updated 27 February 2018 Version 1.4

AGRISETA SDF WORKSHOPS: MAY 2012 > VENUE INFORMATION

Tourism in South Africa A statistical overview

Human Rights Yearbook : Burma 88 HRDU. shot dead. Site of killing Note. Khao, Kaeng Kham tract, Kunhing township. old village of Sai

TOURISM BUSINESS COUNCIL OF SOUTH AFRICA TRENDS AND INDICATORS REPORT. March 2018

SADC SELECTED ECONOMIC AND SOCIAL INDICATORS, 2016

Best of Southern Africa. Victoria Falls - Kruger National Park - Cape of Good Hope South Africa - Zimbabwe - Zambia - Botswana

Glorious gaming, exciting entertainment, successful conventions, delightful dining and more!

SUN INTERNATIONAL OVERVIEW

MEGA MPUMALANGA ECONOMIC GROWTH AGENCY

VERSION 3: 8 FEB 2010 GENERAL INFORMATION

South-South cooperation in sub-saharan Africa: Lessons learned from the conservation / tourism trade dilemma

ERIT E M AGE PATRIMOIN

African participation in Horizon Focus on SADC

18 th SADC Lawyers Association Annual Conference and General Meeting

East African Power Industry Convention 2007, Addis Ababa, ETHIOPIA

EARTHQUAKE HAZARD ZONES - AFRICA

JUTA'S WEEKLY STATUTES BULLETIN

Investment Opportunities

TRANSPORTATION: Airports and Aviation Services

Provincial Gazette Provinsiale Koerant Gazete ya Xifundzankulu Kuranta ya Profense Gazethe ya Vundu

HLONGZ SHUTTLE AND TRANSFERS

Desecuritization as a Foundation for Benefit- Sharing: Lessons from the Okavango River Basin

QUARTERLY REVIEW THE AFRICAN WORLD HERITAGE FUND. July - September The AWHF is a Category II Centre under the Auspices of UNESCO

NEPAD Business Foundation. Annual General Meeting. Monday, 18 August 2014

Johannesburg, Randburg, Sandton: Street Plans/Street Maps READ ONLINE

PARTICIPANTS LIST SADC SQAM STAKEHOLDERS AWARENESS WORKSHOP DECEMBER 2013 GABORONE, BOTSWANA

Glorious gaming, dazzling entertainment, successful conventions, delightful dining and more!

Capability Statement. Connecting global markets

Travel Itinerary Durban AIDS2016 JUL 11, JUL 23, 2016 AMSTERDAM, JOHANNESBURG, MANZINI, MKUZE, DURBAN

Founding members:. Pictured from left: Harry Skelton, Colin Plummer, Francis Sieberhagen (secretary to Harry and Colin), Richard Leitao, Aubrey

FASID TABLE MET 7 - AUTHORIZED USERS OF THE (SADIS) SATELLITE BROADCAST IN THE AFI REGION

BRANDED AMPS

A Guide To Caravan Parks In Southern Africa : South Africa, Namibia, Swaziland, Lesotho And Zimbabwe

TRANSFRONTIER CONSERVATION AREAS (TFCAs)

REPORT ON WHO STAFF IN THE AFRICAN REGION. Information Document CONTENTS

Africa--east Coast, Mozambique, Port Of Beira (SuDoc D 5.356:61142/991) By U.S. Dept of Defense

Chapter 24: Southern Africa. Unit 6

One representative from each AAQS Practice Member may also attend as observers (may participate in discussions but with no voting powers)

South Africa Spring Break 2019

FO/Country Name/Title Contact info.

COME TO JOHANNESBURG

REPORT ON HUMAN RESOURCES IN WHO IN THE AFRICAN REGION. Information Document CONTENTS INTRODUCTION... 1

Trade Blocs, Development Hotspots and Changing Trade Patterns. Breakbulk Africa, 18 th February 2015

Capability Statement Connecting global markets

Fostering healthcare Investments through PPPs. George Uduku Health Systems November 2017

Participants Address List Education for Environment and Sustainability, April 4 22, 2005

Trade Arrangements and Opportunities in SADC

Southern African - German Chamber of Commerce and Industry. Business Delegation to Mozambique. 27 to 30 August, 2012

MEETING OF SADC MINISTERS RESPONSIBLE FOR TRANSPORT & METEOROLOGY

List of Participants

Capability Statement. Connecting global markets

Transcription:

Ho Etsa Bonnete ba hore o Fihlella Dibefiti tsa Social Security le Ditlhapiso tsa Sebakeng sa Mosebetsi Indastering ya Merafo Lethathamo la Mekgatlo le Mekgwatshebetso 1

Selelekela Basebetsi ba nakong e fetileng ba merafong ba tswela pele ho fumana diphephetso tabeng ya ho fihlella tlhahisoleseding e nepahetseng mabapi le mekgatlo, mekgwatshebetso ha ba etsa ditleleimi tsa ditlhapiso le dibenefiti tsa social security. Mekgatlo ena le yona e ile ya shebana le mathata a itseng mabapi le ho fumana majalefa.ho tshepjwa hore bukana ena e tla rarolla bothata bona le ho thusa hlola bothata bona le ho thusa tlhophisong ya ditefello tsa dibenefiti tse sa tleleimuwang tsa social security le bakeng sa ditlhapiso bakeng sa ho kula le temalo e etsahetseng mosebetsing. Ho fihlella dibenefiti tsa social security ho na le kgahlamelo e ntle haholo mabapi le boleng ba bophelo ba basebetsi ba nakong e fetileng ba merafong ba fumahehileng hammoho le bakeng sa majalefa a bafu ba basebetsi ba merafong. Bukana ena e fana ka tlhahisoleseding mabapi le ditokelo le mekgwatshebetso ya ho etsa ditleleimi tsa dibenefiti mme e ka sebediswa ke basebetsi ba ntseng ba sebetsa hona jwale merafong, basebetsi ba tlohetseng mosebetsi le bafepuwa ba bona kapa moemedi ya molaong. Mekgatlo e latelang e ile ya tlatsetsa tokisetsong ya bukana ena: Rand Mutual Assurance Company, Mine Workers Provident Fund, Sentinel Retirement Fund, TEBA limited, Southern Africa Miners Association (SAMA), le Medical Bureau for Occupational Diseases (MBOD) le Compensation Commissioner for Occupational Diseases (CCOD) le Mines 1970 Unclaimed Benefits Funds. The Southern Africa Trust e ile ya tshehetsa kgatiso ya bukana ena. The Southern Africa Trust ke mokgatlo o ikemetseng, o sa etseng profiti o tshehetsang dipuisano tsa sebaka tsa pholisi bakeng sa dipholisi tse fedisang bofumanehi. 2

Theibole ya Dikahare Selelekela...2 Mine Workers Provident Fund...4 Sentinel Retirement Fund...6 Rand Mutual Assurance...8 Lefapha la Naha la Bophelo bo Botle: Medical Bureau for Occupational Diseases (MBOD) le Compensation Commissioner for Occupational Diseases (CCOD)...10 Mines 1970 Unclaimed Benefits Preservation Pension & Provident Funds...12 TEBA Limited...13 Southern Africa Miners Association...15 3

Mine Workers Provident Fund Lekgotla la Bolaodi la Molao Molao wa Letlole la Penshene wa 1956 le Boto ya Ditshebeletso tsa Ditjhelete Tlhaloso ya Dibenefiti Letlole le lefella dibenefiti tsa lefu, bokudi bo totileng, dibenefiti tsa lepato bakeng sa setho ka mora dilemo tse ho nka penshene, dibenefiti tsa lepato bakeng sa setho le lelapa le haufi la setho, le dibenefiti tsa ho tlohediswa mosebetsi. Ditekanyetso tsa ho Tshwaneleha bakeng sa Batho ba Etsang Ditleleimi Letlole le entswe ka ditho tse tlohang sehlopheng sa bobedi ho isa sehlopheng sa borobedi; basebetsi ba se nang tsebo e feletseng ya mosebetsi kapa basebetsi ba tlwaelehileng. Boholo ba ditho tsena ke ba National Union of Mineworkers (NUM). Letlole le bulehetse ditho tsohle tsa leng indastering ya Merafo bao bahiri ba bona e leng bahiri ba nkang karolo Letlong la Providente la Basebetsi ba Merafong (Mineworkers Provident Fund). Diofi tsa ho Hlahlela Ditleleimi le bakeng sa Dibenefiti mona Afrika Borwa Ofisi e Kgolo Sage Centre Building, 4 th Floor No: 10 Fraser Street Corner Pritchard Street Johannesburg, 2000 Mohala: +27 10 100 3000 Fekse: +27 86 661 9532 Lebitso la Motho eo ho ka Ikopangwang le yena: Lihle Khoza Mekgwatshebetso ya kopo e ka fumanwa ditsing tsa ditshebeletso tsa dikhastomara le hape ho websaete ya rona mona http://mwpf.co.za/joining/claim-situations.pdf 4

Ditsi tseo o ka yang Mehahong ya Tsona Setsi sa Johannesburg Seo o ka Yang ho Sona: 45 Commissioner Street, Life Centre Building Ground Floor, 2000 Mohala: +27(0)10 100-3155/3084/3016/3018 Fekse: +27(0)86 661 9532/086 539 6045 Setsi sa Carletonville Seo o ka Yang ho Sona: No 2 Office Park, Uys Buys Corner Kaolin & Radium Street Carletonville, 2499 Mohala: +27 (0)10 100-3190/3189 Fekse: +27 (0)86 661 9532 Setsi sa Welkom Seo o ka Yang ho Sona: 3 Power Road Ernest Oppenheimer Hospital 9459, Welkom Mohala: +27 (0)10 100-3192/3196 Fekse: +27 (0)86 661 9532 Setsi sa Witbank Seo o ka Yang ho Sona: 16 Mandela Street, M & B Centre Office No.9, Witbank Mohala: +27 (0)10 100-3180/3183/3182 Fekse: +27 (0)86 661 9532 Setsi sa Orkney Seo o ka Yang ho Sona: Shop No. 12, Umuzimuhle Shopping Complex, Vaal Reefs No. 3 Orkney Mohala: +27 (0)10 100-3260/3262 Fekse: +27 (0)86 661 9532 5

Sentinel Retirement Fund Lekgotla la Bolaodi la Molao Molao wa Matlole a Penshene Tlhaloso ya Dibenefiti Dibenefiti tsa ho nka penshene, kgulo, lefu le kgolofalo Ditekanyetso tsa ho Tshwaneleha bakeng sa Batho ba Etsang Ditleleimi Mekgwatshebetso ya kopo e ka fumanwa ditsing tsa ditshebeletso tsa dikhastomara le hape ho websaete ya bona mona http://www.1.sentinel.za.com/member%20forms.html. Diofi tsa ho Hlahlela Ditleleimi le bakeng sa Dibenefiti 1. Mona Afrika Borwa: Etsa kopo bakeng sa dibenefiti ka mokgwa wa elektroniki kapa ka ho ya ka seqo ditsing tsa letlole Parktown, Witbank, Welkom, Carletonville le Klerksdorp. 2. Kantle ho Afrika Borwa: Etsa kopo bakeng sa dibenefiti ka mokgwa wa elektroniki mme ditho tse tshwanelehang di leshwa ka kotloloho diakhaonteng tsa bona tsa banka Lebitso la Motho eo ho ka Ikopangwan le yena: Mr Madula Mananye Mohala: +27 11 481 8000 Web: www.sentinel.za.com Ditsi Tseo o ka Yang ho Tsona Setsi sa Ditshebeletso tsa Ditlelaente: Carletonville S Buys Office Park, Shop no. 10 Corner Kaolin & Radium streets Imeile: info@sentinel.za.com Mohala: +27 18 786 1118/9 or 018 786 1114 Setsi sa Ditshebeletso tsa Ditlelaente: Klerksdorp 54 Buffeldoring Street, Wilkoppies Imeile: info@sentinel.za.com Mohala: +27 18 468 7309 or +27 11 481 8111 6

Setsi sa Ditshebeletso tsa Ditlelaente: Welkom Shop 24, The Strip, 314 Stateway Imeile: info@sentinel.za.com Mohala: +27 57 352 2905/6 or +27 57 352 2952 Setsi sa Ditshebeletso tsa Ditlelaente: Witbank WCMAS Building Corner OR Tambo and Susanna streets Emalahleni (Witbank) Imeile: info@sentinel.za.com Mohala: +27 13 656 4214 or +27 13 656 1693 7

Rand Mutual Assurance Lekgotla la Bolaodi la Molao Rand Mutual Assurance (RMA) e fan aka ditlhaphiso bakeng sa kgolofalo e bakilweng ke ditemalo mosebetsing kapa malwetse a fumanweng ke basebetsi nakong ya tshebetso ya bona, kapa lefu le bakilweng ke ditemalo tse jwalo kapa malwetse ka ho sebedisa laksense ya tshebetso ho ya ka karolo ya 30 ya Molao wa Ditlhapiso bakeng sa Temalo kapa Bolwetse Mosebetsing (Compensation for Occupational Injury & Disease Act (COIDA)) (Molao wa Nom. 130 wa 1993) ho tswa Lefapheng la Mesebetsi. Tlhaloso ya dibenefiti 3. Moputso o fihlang ho 75% wa matsatsi a ho ba siyo mosebetsing (tefello ya RMA ya meputso e feletseng) ho itshetlehile ka moedi o behilweng ha o ntse o hlaphohelwa ho fihla dilemong tse 2 4. Ditshenyehelo tsa bongaka ho fihla ho Maximum Medical Improvement (MMI) di etsahala ha mohiruwa ya lemetseng a fihla boemong bo sa kgoneng ho ntlafafala kapa dilemo tse 2 5. Ditlhapiso bakeng sa Kgolofalo e Feletseng haeba ho na le kgolofalo ka mora MMI 6. Ditshenyehelo tse tswelang pele tsa bongaka haeba kalafo e tswelang pele e ntlafatsa kgolofalo bakeng sa temalo / bolwetse bo tlalehilweng 7. Penshene ya ho Hlokahala e leng penshene ya kgwedi le kgwedi, tjhelete e leshwang hanngwe ho bahlolohadi le ditshenyehelo tsa lepato 8. Thuso ya tjhelete ya Constant Attendance Allowance (CAA) bakeng sa batho ba nkileng penshene ba nang le kgolofo e feletseng ya 100% ba seng ba sa kgone ho etsa ditshebetso tsa letsatsi le letsatsi 9. RMA e lefa thuso ya tjhelete ya lelapa bakeng sa batho ba nkileng penshene bao tekolo e bontshang hore ba na le kgolofalo e feletseng ya 100% ba nang le (ba)mohatsa le ngwana ya fetang a le mong ya ka tlase ho dilemo tse 18, nakong ya kotsi ena. Ditekanyetso tsa ho Tshwaneleha bakeng sa Batho ba Etsang Ditleleimi Mosebetsi ofe kapa ofe ya hlahelwang ke kotsi e amanang le mosebetsi kapa malwetse a amanang le mosebetsi ho iphaphathilwe ke shejule ya 3 ya Molao. Temalo efe kapa efe kapa 8

bolwetse bo tlalehilweng ke mohiruwa kapa motho e mong lebitsong la mohiruwa ho mohiri, mme e lokela ho tlalehelwa RMA ke mohiri nakong e behilweng bakeng sa tekolo ya temalo le kamohelo. Haeba temalo e amohelwa motho ya hlahelang tleleimi a ka fumana bonyane ba ditokelo tsa tefello tse hlalositsweng ke COIDA ho itshetlehile ka hore na temalo e totile hakae kapa bolwetse bo totile hakae. Diofi tsa ho Hlahlela Ditleleimi le bakeng sa Dibenefiti Sebaka sa qalo kapa keno ke ka mohiri bakeng sa ditleleimi tse ntjha. 1. Mona Afrika Borwa: RMA e na le diofisi tseo o ka yang ho tsona dibakeng tsohle tseo ho nang le merafo e sebetsang ho parola Afrika Borwa, ka ho kgetheha Carletonville, Emalahleni, Johannesburg, Klerksdorp, Rustenburg, Pretoria, Durban le Welkom. Ho na le ofisi e tlasana sebakeng sa mehleng sa ho thaotha bakeng sa indasteri ya merafo Umthatha Kapa Botjhabela. 2. Kantle ho Afrika Borwa: RMA e na le ofisi e tlasa dibakeng tsa mehleng tsa ho thaotha bakeng sa indasteri ya merafo mane Maseru Lesotho le Xai-Xai Mozambique. Web: www.randmutual.co.za Setsi sa Boikopanyo: 0860 222 132 9

Lefapha la Naha la Bophelo bo Botle: Medical Bureau for Occupational Diseases (MBOD) le Compensation Commissioner for Occupational Diseases (CCOD) Medical Bureau for Occupational Diseases (MBOD) le Compensation Commissioner for Occupational Diseases (CCOD) ke Batsamaisi hara Cluster Occupational Health Lefapheng la Naha la Bophelo bo Botle. Ke makgotla a molao a thehilweng ho ya ka Occupational Diseases in Mines and Works Act (ODMWA) (Molao wa Malwetse Merafong le Mesebetsing), Molao wa Nomoro ya 78 wa 1973 ho latela kamoo o fetotsweng kateng, ohlokometsweng ke Letona la Bophelo bo Botle. ODMWA o laola le beha leihlo ka nako ya bophelo kaofela batho bao nakong e fetileng ba neng ba sebetsa merafong, le ho hlahloba batho ba neng ba sebetsa merafong nakong e fetileng le ba ntse ba sebetsa hona jwale bakeng sa ditlhapiso tse ka bang teng tsa malwetse a matshwafo a bakilweng ke mosebetsi. Tlhokomelo ya batho ba ntseng ba sebetsa merafong hona jwale ke boikarabelo ba mohiri ho ya ka Molao wa Bophelo bo Botle Merafong le Polokeho, o qadileng ho sebetsa ka 1997. Lekgotla la Bolaodi la Molao Molao wa Malwetse Merafong le Mesebetsing Molao wa Nomoro ya 78 wa 1973 ho latela kamoo o fetotsweng kateng; ho tloha mona re o bitsa ODMWA. Tlhaloso ya Dibenefiti 1. E fana ka benefiti ya ditlhahlobo tsa bongaka (BME) bakeng sa basebetsi ba ntseng ba sebetsa merafong le basebetsi ba nakong e fetileng merafong e tlasa taolo le ba ka leshwang ditlhapiso bakeng sa malwetse a ka hlahang a matshwafo. 2. Tekolo ya dikopo tsa bafu e hloka ditho (pelo le matshwafo) a mofu eo e neng e le mosebetsi wa hona jwale le wa nakong e fetileng wa merafong hore ditho tsena di ntshuwe ho iphaphathilwe le tumello ya lelapa la mofu, mme ditho tsena tsa mmele di tla romelwa ho National Institute for Occupational Health (NIOH) +27 11 712 6400 bakeng sa tlhahisoleseding mabapi le mekgwatshebetso ya MBOD mona +27 11 356 5600 10

3. Tefello ya ditlhapiso bakeng sa basebetsi ba merafong ba tshwanelehang kapa tefello ho bajalefa ba bona. Ditekanyetso tsa ho Tshwaneleha bakeng sa Batho ba Etsang Ditleleimi Diofi tsa ho Hlahlela Ditleleimi le bakeng sa Dibenefiti 1. Mona Afrika Borwa: Benefit Medical Examination (Tlhahlobo ya Bongaka bakeng sa Dibenefiti) e etsetswa diofising tsa MBOD tse leng mane 144 De Korte Street, MBOD 1. Nalane / rekoto ya tshebeletso 2. Kopi ya ID 3. Kopo e tlatsitswe ka botlalo 4. X-ray ya morao-rao ya sefuba Braamfontein Johannesburg ho latela apoitmente mona: 011 356 5600 kapa sebakeng seo ho etswang ditshebeletso tse ngata ho sona mane Carletonville Hospital Carletonville le Nelson Mandela Academic Hospital Umtata; le dipetleleng tsa setjhaba kapa dingakeng tsa praevete tse tlasa kontranka ya Lefapha la Bophelo bo Botle. Bakeng sa Tlhahisoleseding mabapi le Bafani ba Ditshebeletso ba tlasa Kontraka Motho eo ho ka Ikopangwang le yena: Leseyane Doreen Mohala: +27 11 356 5600 Fekse: +27 11 403 1346 Imeile: leseyd@health.gov.za 11 CCOD 1. GW 80/20 e tlatsitswe 2. GW 24 3. Dikgatiso tsa menwana (motho ya etsang tleleimi/mojalefa) 4. Rekoto ya tshebeletso 5. Kopi ya ID e nang le bopaki (motho ya etsang tleleimi) 6. Kopi ya ID e nang le bopaki (mojalefa) 7. Kopi e nang le bopaki ya lengolo la lenyalo 8. Kopi ya nang le bopaki ya lengolo la kamohelo mosebetsing 9. Setatament sa banka (mojalefa)

Mines 1970 Unclaimed Benefits Preservation Pension & Provident Funds Lekgotla la Bolaodi la Molao Molao wa Matlole a Penshene le Boto ya Ditshebeletso tsa Ditjhelete Tlhaloso ya Dibenefiti Dibenefiti tse di sa Patalwang Ditekanyetso tsa ho Tshwaneleha bakeng sa Batho ba Etsang Ditleleimi Dibenefiti tseo ho sa etswang ditleleimi tsa tsona ho ditho tse tshwanelehang Diofi tsa ho Hlahlela Ditleleimi le bakeng sa Dibenefiti 1. Mona Afrika Borwa Alexander Forbes Help Desk Nomoro ya Mohala +27 11 324 3505 2. Kantle ho Afrika Borwa Alexander Forbes Help Desk Nomoro ya Mohala +27 11 324 3505 Motho eo ho ka Ikopangwang le yena: AH Smith (Mohlokamedi e Moholo) Mohala: +27 11 391 0741 Imeile: asmith@mines1970fund.org.za 12

TEBA Limited Lekgotla la Bolaodi la Molao Boto ya Ditshebeletso tsa Ditjhelete e hlokometse tshebediso ya Molao wa Matlole a Penshene wa 1956 le diphetoho tsa ona tse ngata bakeng sa dibenefiti tsa penshene. Mmuso wa Afrika Borwa, ka tshebediso ya Lefapha la Bophelo bo Botle o hlokometse tshebediso ya Leano la Naha la Tlhophiso (National Strategic Plan) (2012-2016). Tlhaloso ya Dibenefiti 1. TEBA e thusa basebetsi ba merafo le bajalefa ba basebetsi ba hlokahetseng hore ba etse ditleleimi tse sa etswang tsa Dibenefiti tsa Letlole la Penshene. 2. Tlhokomelo e Fanwang Lapeng (Home-based Care) (HBC) jwaloka tokisetso e loketseng ya kalafo ya bongaka. Ditekanyetso tsa ho Tshwaneleha bakeng sa Batho ba Etsang Ditleleimi 1. Ditho tsa nakong e fetileng (Basebetsi ba Merafong) kapa bajalefa ba ditho tse hlokahetseng tseo e neng e le tsa Matlole a Penshene Nakong e Fetileng. 2. Basebetsi ba Nako e Fetileng (Basebetsi ba Merafong) ba Merafong ba ileng ba fumana mafu a TB/Silicosis. Ditsi Tseo o ka Yang ho Tsona Lekala la Diofisi tse Kgolo: 1302 Josina Machel Avenue Alto-Mae Maputo Mohala: +258 21 400 951 or +258 21 401 220 Lekala la Diofisi tse Kgolo Swaziland: Mbabane -Manzini Road Corner Mahlokohla Street (Next to Mbabane market) Mohala: +268 2404 1650 or +268 2404 2884 Lekala la Diofisi tse Kgolo Lesotho: 226 Moshoeshoe road Maseru Opposite Life High School Mohala: +266 22 314897 13

Tshalomorao le Pokello ya Ditokomane Re thehile ditsi tse sebetsang hantle metseng dibakeng tse romelang basebetsi tse nang le mehaho ya moraorao le neteweke le disebediswa. Re kgothaletsa batho ho botsa mabapi le dibenefiti dife kapa dife tseo ba dumelang hore ba na le tokelo ya ho di fumana. Boikgathatso bona ke tseo e re thusang ho lokolla ditjhelete kapa matlole ho a fetisetsa matsohong a batho ba fumanehileng le dibakeng tsa mahaeng. TEBA e thehile neteweke ya tlhokomelo e fanwang lapeng (HBC) le lenaneo la TB bakeng sa ho laola TB dibakeng tsa SADC, moo ho nang le batho ba sebaka seo ba rupeletsweng ka tsebo e hlokehang. Bahiri ba romela bahiruwa ba nang le dikgolofalo tsa bongaka ho TEBA bakeng sa tlhokomelo ha ba ntse ba le lapeng. Tlhophiso ya HBC e sebediswa bakeng sa ho sala morao, ho etsa diteko le ho fana ka meriana bakeng sa bakufi ba TB mme sena se etsa hore re fetohe sebaka se molemo ka ho fetisisa se hokahanyang TB bakeng sa indasteri ya merafo. Diofi tsa ho Hlahlela Ditleleimi le bakeng sa Dibenefiti 1. Mona Afrika Borwa: Etela diofisi dife kapa dife tse 90 tsa TEBA naheng ka bophara bakeng sa ngodiso le dipotso tse tswellang bakeng sa Dibenefiti tsa Letlole la Penshene tse sa leshwang. 2. Bakeng sa Tshalomorao le Pokello ya Ditokomane: TEBA e na le diofisi Botswana, Lesotho, Mozambique le Malawi. Dipotso di ka botswa diofising dife kapa dife ho tsena. Bakeng sa Tshalomorao le Pokello ya Ditokomane Motho eo ho ka Ikopangwang le yena: Boyboy Modise Mohala: +27 11 353 6059 Fekse: +27 11 353 6138 Imeile: boyboy.modise@teba.co.za Web: www.teba.co.za Bakeng sa Tshehetso ya Tlhokomelo ya Bophelo bo Botle Motho eo ho ka Ikopangwang le yena: Nobesuthu Mnguni Mohala: +27 11 353 6109 Fekse: +27 11 353 6138 Imeile: nobesuthum@teba.co.za Web: www.teba.co.za 14

Southern Africa Miners Association The Southern Africa Mines Association, SAMA, ke Mokgatlo o sa Etseng Profiti o tshehetsang basebetsi ba merafo le bao pele e neng e le basebetsi ba merafong mona Afrika Borwa. Mokgatlo wa lebatowa hona jwale o na le ditho tse tharo, Ex-Miners Association of Lesotho; Association of Mozambican Mineworkers (AMIMO) le Swaziland Migrant Mine Workers Association (SWAMMIWA). SAMA e fana tshehetso ya basebetsi bakeng sa bao pele e neng e le basebetsi ba merafong le bakeng sa bafepuwa ba bona ho ntlafatsa bophelo ba bona le ho neha bao e neng e le basebetsi ba merafong tshehetso le ho thusa bafepuwa ba bona hore ba fihlelle dibenefiti tsa social security leditlhapiso bakeng sa bolwetse le temalo e etsahetseng mosebetsing. Dintlha tsa Boikopanyo Rantso Mantsi Ex-Miners Association of the Mountain Kingdom of Lesotho Imeile: Exminers51@gmail.com Mohala: +266 589 47944 Vama Jele Swaziland Mineworkers Association (SWAMMIWA) Imeile: vamajele@gmail.com, swammiwa@gmail.com, swammiwa@swazi.net Mohala: +268 7625 8705 Moises Uamusse Associacao de Mineiros Mocambicanos (AMIMO) Imeile: uamussemoz@gmail.com, amimo_sede@tvcabo.co.mz Mohala: +258 8287 28370, +258 8286 60414 15

Buka ena e hlophisitswe ke Southern Africa Trust, le ka tshehetso ya Ford Foundation Southern Africa Trust 4 Midridge North International Business Gateway 6th Road (off New Road) Midrand, 1685 SOUTH AFRICA Postnet Suite 100 Private Bag X121 Halfway House, 1685 SOUTH AFRICA Mohala: +27 11 318 1012 Fekse: +27 11 318 0814 Imeile: info@southernafricatrust.org Web: www.southernafricatrust.org 16