Lentswe la Bohlale 01201_739_WordOfWisdom.indd 1 9/10/12 1:20 PM

Size: px
Start display at page:

Download "Lentswe la Bohlale 01201_739_WordOfWisdom.indd 1 9/10/12 1:20 PM"

Transcription

1 Lentswe la Bohlale

2

3 Hobane boemo ba mmele ya rona bo ama moya wa rona, Ntate wa rona ya Mahodimong o re fa melao e etseditsweng ho ntlafatsa bophelo ba mmele le meya ya rona. Ele karolo ya Tsosoloso ya Evangedi ya Jesu Kreste, Modimo o ile a senolela Moporofeta Joseph Smith hore na re ka hlokomela mmele ya rona jwang hore Moya wa Morena o dule o ena le rona. Tshenolo ena e tsejwa e le Lentswe la Bohlale. Ho boloka molao ona ke tlhoko bakeng la kolobetso ka hare ho Kereke ya Jesu Kreste ya Bahalaledi ba Mehla ya Kajeno. Ditlhohonolofatso tse kgolo di tshepisitswe bao ba bontshang tumelo ya bona ka ho boloka molao ona. Lentswe la Bohlale ke eng? Morena o senotse Lentswe la Bohlale ho Moporofeta Joseph Smith. Tshenolong ena re hlokomediswa ho se sebedise jwala, kwae, le dino tse chesang, e leng kofi le tee. Ha morao baporofeta ba re rutile hore re se sebedise ntho efe kapa efe e nang le dithethefatsi tse seng molaong kapa tse kotsi le dintho tse etsang bokgoba. Lentswe la Bohlale le boetse le ruta hore Molemong wa meya le mmele ya rona, Morena o re kopa ho se sebedise: Jwala. Kwae. Kofi le tee. Dithethefatsi tse seng molaong. Dintho tse ding tse kotsi kapa tsa bokgoba. 3

4 re je nama ka tekanyetso le hore re lokela ho ja dijothollo, ditholwana le meroho. Ditlhohonolofatso tsa Lentswe la Bohlale Ho boloka Lentswe la Bohlale ho tla ntlafatsa bophelo ba mmele le ba meya ya rona. Le ha ele hore re ntse re angwa ke diphepetso tse tlwaelehileng tsa bophelo bo botle, ho boloka molao ona ho tla re thusa ho eba le mmele le kelello tse phetseng hantle. Ka Testamenteng e Ntjha Moapostola Paolosi o supa hore mmele ke tempele: Ha le tsebe hore mmele ke tempele ya Modimo, mme Moya wa Modimo o ahile Ka ho lona? Ha motho ofe kapa ofe a silafatsa tempele ya Modimo, ke eo Modimo a tla mo fedisa; hobane tempele ya Modimo ya halalela, tempele e leng wena (Bakorinte ba 1 3:16 le 17) Ha o boloka Lentswe la Bohlale, karolo e bonolo, e hlokolosi,ya moya ya sebopeho sa hao e tla itokisetsa ho amohela tsamaiso e tswang ho Modimo. Ithute ho mamela ditshusumetso le maikutlo a moya. O tla hlokomediswa dikotsi mme o tla tsamaiswa ke Moya o Halalelang. Bohlale le tsebo ya hao di tla eketseha. Otla eba le kgotso kelellong, boitshwaro bo eketsehileng, le boikemelo ba sebele bophelong le bokamosong. 4

5

6

7 Lentswe la bohlale Tshenolo ena, e amohetsweng ke Moporofeta Joseph Smith ka 1833, ke tsela e tswang ho Ntate ya Mahodimong ho tla ho bana ba Hae Kajeno. Tse latelang di qotsitswe ho tswa ho tshenolo ena, a fumanwang ka ho Dithuto tsa Tumelo le Dilekane, Khaolo ya 89: Lentswe la Bohlale, molemong wa... kereke, le ho bahalaledi ba Sione... E fanweng e le motheo o nang le tshepiso, o entsweng ho lekanela bofokodi le bofokodi ba bahalaledi ba fokolang ho feta bohle.... Bonang, ruri, ho rialo Morena ho lona: Ka lebaka la ditla-morao tsa bobe le meralo e teng le e tlang ho ba teng ka hare ho dipelo tsa batho ba merero matsatsing a ho qetela, ke... le eletsa pele, ka ho le neha lentswe lena la bohlale ka tshenolo Hore ha motho ofe kapa ofe hare ho lona a nwa veine kapa seno se matla, bonang ha ho wa loka.... Mme hape, kwae ha e ya lokela mmele, kapa mpa, mme ha e ya lokela motho.... Mme hape, dino tse chesang [tee le kofi] ha se tsa mmele kapa mpa.... Ditlama tsohle tse molemo tseo Modimo a di thontseng di loketse mmele, tlholeho, le tshebediso ya motho...

8 E, le nama ya diphoofolo le ya dinonyana tse fofang moyeng, Nna, Morena, ke di khethetse ho sebediswa ke motho ka teboho; empa di sebediswe ka hlokolosi.... Dijo-thollo tsohle di lokile e le dijo tsa motho; hape le ditholwana tsa morara; tsohle tse behang ditholwana e le ka tlase ho mobu kapa ka hodimo ho mobu.... Mme bahalaledi bohle ba hopolang ho boloka le ho etsa tsena tse builweng... ba tla fuwa bophelo ka hare ho mekgubu ya bona le mmoko masapong a bona; Mme ba tla fumana bohlale le matlotlo a maholo a tsebo, esita le matlotlo a patilweng; Mme ba tla matha empa ba sa kgathale, mme ba tla tsamaya ba ke ke ba akgeha. Mme Nna, Morena, ke ba fa tshepiso, hore lengeloi le fedisang le tla ba feta, jwalo ka bana ba Iseraele, mme le ke ke la ba bolaya. Amen (Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 89:1, 3 le 5, 8 le 10, 12, 16, 18 le 21).

9

10

11 Ho Tlohela Dintho tse Kotsi Haeba o sebedisa kwae, jwala, kofi, tee, dithethefatsi tse seng molaong, kapa dintho tse kotsi le tse etsang bokgoba, emisa hona jwale. O tla hlohonolofatswa ka mmele le moya tse phetseng hantle. Batho ba bang ba bopile ditlwaelo kapa bokgoba ho dintho tse etsang hore ho be Tswela pele ho leka! boima ho tlohela ho di sebedisa. Ha o sebedisa Topollo bophelong ba Haeba o fumana ho le boima ho tlohela dintho tsena tse bopang ditlwaelo, kopa Modimo thusa, le ha tswelo hao, Morena o tla o ka thapelo ho o thusa ho tlohela menahano e kotsi,diketso, hala eka e ya butle. pele ya hao e bona- le meleko ka ditshusumetso tse ahang, tse hlwekileng. Ha o tlatsa bophelo ba hao ka dintho tse nepahetseng tse ahang, ho tla eba le sebaka se fokolang sa tse kotsi tse fosahetseng. Dikgothaletso tse latelang di tla o thusa: Etsa qeto ya ho tlohela. Rapela mme o ile ka tshepo ya hore Morena o tla o thusa ho hlola bokgoba ba hao. Ithute mangolo a halalelang. Tshwara ka kelellong ditemana mme o di bolele kgafetsa. Di tla o tlisetsa matla moyeng. Kopa tlhohonolofatso ya boporista ho o thusa ho hlola moleko. 11

12 Lahla dintho tse kotsi, mme o se batle tse ding. Etsa lenane la nako, dibaka, le maemo ao ha o le ka hare ho ona o lekwang ke ho roba Lentswe la Bohlale. Bua le batswadi ba hao, molekane wa hao, baruti, le metswalle e meng eo o e tshepang ka hore na o ka qoba jwang dintho tse lenaneng la hao. Mohlala, fumana dintho tse ncha tsa boikgathollo kapa tseo o nang le kgahleho ho tsona tseo di sa tlo o kenya molekong. Mamela mmino o ahang, sebeletsa ba bang, bala dibuka tse hlwekileng, kapa o ikwetlise ha o lekwa. Nka karolo diketsahalong tsa kereke. O tla hola katamelong ya hao ho Morena mme o be le matla a ekeditsweng ho hlola ditakatso tsa hao dinthong tse kotsi. Kena mokgatlo wa tlhabollo o nepahetseng kapa o fumane thuso ya ditsibi. O se lebale hore Morena o tla o thusa ha o tshepela ho Eena. Ho tlohela dintho tsena ho ka ba boima haholo, mme batho ba bang ba ka boela ditlwaelong tsa kgale ho feta lekgetlo le le leng pele ba ka tlohella ruri. Tswela pele ho leka, mme o se lahle tshepo. Ha o ena le boikokobetso le nnete mme o etsa kweletso ya thuso ho Morena le ba bang, o ka hlola bokgoba ba hao ka Tsosoloso ya Jesu Kreste. Ha o phela Lentswe la Bohlale, ditlhohonolofatso tse tshepisitsweng ke Morena e tla ba tsa hao. 12

13 Merero le Meralo 13

14

15 Boithuto bo ekeditsweng Dipotso tse latelang le mangolo a halalelang di tla o thusa ho ithuta haholo ka metheo ka bukaneng ena. Mananeo a mang a bontshang mangolo a halalelang a tla o lebisa ho ditemana tse ding le moo o ka fumanang dintlha tse ding. Hobaneng ke tlameha ho ba hlokolosi ka se kenang ka mmeleng waka? Diporovebia 20:1 (Bibele, Testamente ya kgale) Bakorinthe ba1 3:16 le 17 (Bibele, Testamente e Ntjha) Bakorinte ba1 6:19 le 20 (Bibele, Testamente e Ntjha) Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 89 (Baruti kapa setho sa Kereke ba ka o thusa ho fumana buka ya Dithuto tsa Tumelo le Dilekane. O ka boela wa ya ho ho e fumana ka inthanete.) Lentswe la Bohlale, True to the faith (Baruti kapa setho sa Kereke ba ka o thusa ho fumana buka ena. O ka boela wa e fumana ithaneteng ho Ke ditlhohonolofatso dife tsa moya le tsa mmele tseo di ka tlang ka ho mamela melao ya Modimo bakeng la bophelo bo botle baka? Daniele 1:3 ho isa ho 20 (Bibele, Testamente ya kgale) Morena o tla mmatlafatsa jwang ha ke lekwa? Mosiah 5:2 (Buka ya Mormon, leqephe la 157) Mosiah 7:33 (Buka ya Mormon, leqephe la 162) Alma 13:27 ho isa ho 29 (Buka ya Mormon, leqephe la 243) Ether 12:27 (Buka ya Mormon, leqephe la 510) 15

16 Nka etsa eng? Tswela pele ho bala Buka ya Mormon. Tseo o kgothaletswang ho di bala: Phela Lentswe la Bohlale. Rapella thuso ya ho boloka molao ona. Etsa meralo ya ho ntlafatsa bophelo ba hao ba mmele le ba moya ka ho qoba dintho tse kotsi mme o tsepame ho ho ja dijo tsa phepo e nepahetseng le diketso tse tlisang bophelo bo botle. Etla kerekeng Sontaheng sena. Tswela pele ho itokisetsa kolobetswo. Letsatsi la kolobetso: Etela ho ithuta haholo ka Kereke ya Jesu Kreste ya Bahalaledi ba Mehla ya Kajeno. Tswela pele ho kopana le baruti ho ithuta haholo ka hore na melao ya Modimo eka hlohonolofatsa bophelo ba hao jwang. Kopano e latelang: Mabitso a baruti le nomoro ya mohala: Ho hlompha ba faneng ka ditshwantsho Lekoko le kapele, maqephe 5, 6, 9, 11, 14 ka Craig Diamond Leqephe la 2, Karolo ho tswa ho Brother Joseph, ka David Lindsley. David Lindsley 2007 ka Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. Printed in the USA.Tumello ya Sekgowa: 11/05. Tumello ya Phetolelo: 11/05. Phetolelo ya The Word of Wisdom. South Sotho

Takatso ya dijo e seng ntle

Takatso ya dijo e seng ntle HO JA PBO 930022142 NPO 049-191 Haeba o hlokometse motho ya nang le dementia o tla batla ho netefatsa hore ba natefelwa ke dijo tsa bona le hore ba ja dijo tse tletseng bophelo, tse lekantsweng phepo.

More information

Ho tsamaya kapa ho lelera

Ho tsamaya kapa ho lelera Ho tsamaya kapa ho lelera PBO 930022142 NPO 049-191 Ho na le mabaka a mangata a hore ke hobaneng batho ba bang ba nang le dementia ba ikutlwa ba tlameha ho tsamaya hohle kapa ba tlohe lapeng. Ho bohlokwa

More information

Tshenyeho dementia ya boko bo ka pele (ho kenyeletswa

Tshenyeho dementia ya boko bo ka pele (ho kenyeletswa PBO 930022142 NPO 049-191 Tshenyeho dementia ya boko bo ka pele (ho kenyeletswa Lefu la Pick) Leqephe lena le fana ka tlhahisoleseding e akaretsang hodima se seng sa dibopeho tse sa atang haholo tsa dementia,

More information

Dijo Tsa Moya Sehleng Se Loketseng

Dijo Tsa Moya Sehleng Se Loketseng DIJO TSA MOYA SEHLENG SE LOKETSENG 1 Dijo Tsa Moya Sehleng Se Loketseng ` Dumela feela, dumela feela, Tsohle di lokile, feela. Ho jwang, tjena: Jwale kea dumela, jwale kea dumela, Tsohle di lokile, jwale

More information

KE HO TJHABA HA LETSATSI

KE HO TJHABA HA LETSATSI KE HO TJHABA HA LETSATSI 1 KE HO TJHABA HA LETSATSI ` A re inamiseng dihlooho tsa rona. Morena, re sa bokana mona hoseng ho hotle hona ha Paseka, ho bona menokonyana e pheella ka matla ho thunyetsa ntle,

More information

IDIKATENG NEWSLETTER YA SETHO MINEWORKERS PROVIDENT FUND SIYAKHULA WE ARE GROWING SESOTHO PHATLALATSO MOLAETSA HO TSWA HO MOHLANKA E MOHOLO

IDIKATENG NEWSLETTER YA SETHO MINEWORKERS PROVIDENT FUND SIYAKHULA WE ARE GROWING SESOTHO PHATLALATSO MOLAETSA HO TSWA HO MOHLANKA E MOHOLO SIYAKHULA WE ARE GROWING NEWSLETTER YA SETHO SESOTHO PHATLALATSO 01 2018 MOLAETSA HO TSWA HO MOHLANKA E MOHOLO IDIKATENG ATHIKELE: MOLAETSA HO TSWA HO MOHLANKA E MOHOLO TSHEBETSO YA PEHELETSO HO TSEBA

More information

TSHEPISO YA MOLAO-THEO

TSHEPISO YA MOLAO-THEO HO SIRELETSA DITOKELO TSA MOBU/LEFATSHE O SEBEDISA MOLAO WA IPILRA Mphalane, 2015 TSHEPISO YA MOLAO-THEO Ka tlasa mmuso oa bokoloni le kgethollo, ditshwanelo tsa dimilione tsa batho ba batsho ne di sa

More information

Ketapele. Leano la bohlophisi ka ho phethahala ha lona le a fumaneha webesaeteng ya SABC, sabc.co.za, kapa ofising le ha e ka ba efe ya SABC.

Ketapele. Leano la bohlophisi ka ho phethahala ha lona le a fumaneha webesaeteng ya SABC, sabc.co.za, kapa ofising le ha e ka ba efe ya SABC. Ketapele SABC e sheba botjha Leano la Bohlophisi la jwale la koporasi. Bamamedi le basebetsi ke ba babedi ba bathahaselli ba SABC ba ka sehlohong mme bukana ena e hlophiseditswe ho kgonahatsa seabo sa

More information

LEANO LA TSHEHETSO LA BARUTWANA BA MOPHATO WA 12

LEANO LA TSHEHETSO LA BARUTWANA BA MOPHATO WA 12 Province of the EASTERN CAPE EDUCATION Steve Vukile Tshwete Education Complex Zone 6 Zwelitsha 5608 Private Bag X0032 Bhisho 5605 REPUBLIC OF SOUTH AFRICA CHIEF DIRECTORATE CURRICULUM MANAGEMENT LEANO

More information

Lefu la Alzheimer ke eng?

Lefu la Alzheimer ke eng? Lefu la Alzheimer ke eng? PBO 930022142 NPO 049-191 Lefu la Alzheimer ke mofuta o atileng ka ho fetisisa wa tshenyeho ya methapo dementia. Leqephe lena la tlhahisoleseding le teka matshwao a ho kula le

More information

*16 22 Phupu. Toka le Mohau Testamenteng ea Khale: Karolo ea 2 SABATHA MOTŠEARE OA MANTSIBOEA

*16 22 Phupu. Toka le Mohau Testamenteng ea Khale: Karolo ea 2 SABATHA MOTŠEARE OA MANTSIBOEA Thuto ea 4 *16 22 Phupu Toka le Mohau Testamenteng ea Khale: Karolo ea 2 SABATHA MOTŠEARE OA MANTSIBOEA Bakeng sa Boithuto ba Beke Ena Bala: Ezek. 37:1 14; Ba-Ef. 2:10; Ezek. 47:1 8; Matt. 5:16; Tšen..

More information

QL5030(P1041)/ PEDIATRIC INTERNATIONAL ADHERENCE QUESTIONNAIRE Behaviour/Identification NIAID PEDIATRIC AIDS CLINICAL TRIALS GROUP Page 1 of 6

QL5030(P1041)/ PEDIATRIC INTERNATIONAL ADHERENCE QUESTIONNAIRE Behaviour/Identification NIAID PEDIATRIC AIDS CLINICAL TRIALS GROUP Page 1 of 6 NIAID PEDIATRIC AIDS CLINICAL TRIALS GROUP Page 1 of 6 Nomoro ya mokudi Nomoro ya porotocolo Letsatsi la ketelo ya mokudi P 1 0 4 1 sebaka sa tshebetso kgwedi mohla selemo Foromo ya beke *Nomoro ya tatelano

More information

Kananelo ya ntshetsopele ya molemi

Kananelo ya ntshetsopele ya molemi PULA IMVULA >> GROWING FOOD >> GROWING PEOPLE >> GROWING PROSPERITY >> TSHITWE 2014 Kananelo ya ntshetsopele ya molemi Koranta ya Grain SA ya bahlahisi ba ntseng ba hola Bala Ka Hare: 05 Ke etsa qeto jwang

More information

ACCOUNTING STANDARDS BOARD STANDARD OF GENERALLY RECOGNISED ACCOUNTING PRACTICE PRESENTATION OF FINANCIAL STATEMENTS (GRAP 1)

ACCOUNTING STANDARDS BOARD STANDARD OF GENERALLY RECOGNISED ACCOUNTING PRACTICE PRESENTATION OF FINANCIAL STATEMENTS (GRAP 1) ACCOUNTING STANDARDS BOARD STANDARD OF GENERALLY RECOGNISED ACCOUNTING PRACTICE PRESENTATION OF FINANCIAL STATEMENTS (GRAP 1) Issued by the Accounting Standards Board February 2010 Tsebiso Standard of

More information

ACCOUNTING STANDARDS BOARD STANDARD OF GENERALLY RECOGNISED ACCOUNTING PRACTICE TJHELETE E HLAHANG DITSHEBELETSANONG TSEO ESENG TSA

ACCOUNTING STANDARDS BOARD STANDARD OF GENERALLY RECOGNISED ACCOUNTING PRACTICE TJHELETE E HLAHANG DITSHEBELETSANONG TSEO ESENG TSA ACCOUNTING STANDARDS BOARD STANDARD OF GENERALLY RECOGNISED ACCOUNTING PRACTICE TJHELETE E HLAHANG DITSHEBELETSANONG TSEO ESENG TSA PHAPANYETSANO (MAKGETHO LE DIPHETISO) (GRAP 23) Issued by the Accounting

More information

MOLIMO O ITSEBISA KA LIKHATISO TSA OONA

MOLIMO O ITSEBISA KA LIKHATISO TSA OONA MOLIMO O ITSEBISA KA LIKHATISO TSA OONA Ke ne ke batla ke makalitsoe ke ho bona motsoalle oa ka,, Joseph Boze, mono, eaba ke retoloha nakoana ho tsukutla letsoho la hae. 2 Ha re phetleng Lentsoe la Molimo

More information

ETSA BAJETE MME O BOLOKE. Ithute maqheka bakeng sa tokoloho ho tsa ditjhelete. Ina Wilken. Phatlalatso ena e tsheheditswe ka motlotlo ka ditjhelete ke

ETSA BAJETE MME O BOLOKE. Ithute maqheka bakeng sa tokoloho ho tsa ditjhelete. Ina Wilken. Phatlalatso ena e tsheheditswe ka motlotlo ka ditjhelete ke ETSA BAJETE MME O BOLOKE Ithute maqheka bakeng sa tokoloho ho tsa ditjhelete Ina Wilken Phatlalatso ena e tsheheditswe ka motlotlo ka ditjhelete ke MOLAO WA NAHA WA MEKITLANE DITEKANYETSO TSA TSWALA DI

More information

autism practical aspects sesotho

autism practical aspects sesotho autism practical aspects sesotho p.o. box 84209, greenside tel: 011 484 9909 / 9923 fax: 011 484 3171 email: info@autismsouthafrica.org www.autismsouthafrica.org fround floor memorial institute for child

More information

Ho Etsa Bonnete ba hore o Fihlella Dibefiti tsa Social Security le Ditlhapiso tsa Sebakeng sa Mosebetsi Indastering ya Merafo

Ho Etsa Bonnete ba hore o Fihlella Dibefiti tsa Social Security le Ditlhapiso tsa Sebakeng sa Mosebetsi Indastering ya Merafo Ho Etsa Bonnete ba hore o Fihlella Dibefiti tsa Social Security le Ditlhapiso tsa Sebakeng sa Mosebetsi Indastering ya Merafo Lethathamo la Mekgatlo le Mekgwatshebetso 1 Selelekela Basebetsi ba nakong

More information

2 NO GOVERNMENT GAZETTE, 18 MARCH 2009 No. CONTENTS Page No. Gazette No. GENERAL NOTICES Justice and Contitutional Development, Department of Ge

2 NO GOVERNMENT GAZETTE, 18 MARCH 2009 No. CONTENTS Page No. Gazette No. GENERAL NOTICES Justice and Contitutional Development, Department of Ge !!: -:. Vol. 525 Pretoria, 18 March 2009 Maart No. 32033.::.:.::'.:.:. ':. ::;::::::»-....,...... ;:;:;:'::::-:'...... :-:.;," :.:-:::.: :. 2 NO.32033 GOVERNMENT GAZETTE, 18 MARCH 2009 No. CONTENTS Page

More information

Mekgwa ya ho fokotsa tjhefo ya mycotoxin

Mekgwa ya ho fokotsa tjhefo ya mycotoxin PULA IMVULA >> GROWING FOOD >> GROWING PEOPLE >> GROWING PROSPERITY >> Lwetse 2017 Mekgwa ya ho fokotsa tjhefo ya mycotoxin Koranta ya Grain SA ya bahlahisi ba ntseng ba hola Bala ka hare: 05 Phepo e nepahetseng

More information

Frans Tshepo Mokoena (36) wa Tweespruit

Frans Tshepo Mokoena (36) wa Tweespruit PULA IMVULA >> GROWING FOOD >> GROWING PEOPLE >> GROWING PROSPERITY >> PHEREKGONG 2017 FRANS MOKOENA Molemi wa Selemo wa Mehla e Metjha Frans Tshepo Mokoena (36) wa Tweespruit ho la Foreisetata o phatlaladitswe

More information

TATAISO E PHETHAHETSENG YA HO REKA LEHAE TSOHLE TSEO O LOKELANG HO DI TSEBA

TATAISO E PHETHAHETSENG YA HO REKA LEHAE TSOHLE TSEO O LOKELANG HO DI TSEBA TATAISO E PHETHAHETSENG YA TSOHLE TSEO O LOKELANG HO DI TSEBA WWW.SAHOMELOANS.COM KE LETLOTLO. Ha ho potang hore ho ithekela lehae ho sa natswe hore ke lehae la hao la pele kapa tjhe ke e nngwe ya dintho

More information

DIKEREITING TSA SESOTHO PUO YA LAPENG MORALO WA HO QETELA

DIKEREITING TSA SESOTHO PUO YA LAPENG MORALO WA HO QETELA SETATEMENTE SA NAHA SA LEANO LA KHARIKHULAMO LE TEKANYETSO DIKEREITING TSA 10-12 SESOTHO PUO YA LAPENG MORALO WA HO QETELA 1 Page KAROLO YA 1 Setatemente sa Naha sa Leano la Kharikhulamo le Tekanyetso

More information

Boitokisetso pele ho sehla sa poone Sehla se tlang sa ho jala se tshepisa ruri e. Bala Ka Hare: PUDUNGWANA 2013

Boitokisetso pele ho sehla sa poone Sehla se tlang sa ho jala se tshepisa ruri e. Bala Ka Hare: PUDUNGWANA 2013 PULA IMVULA >> GROWING FOOD >> GROWING PEOPLE >> GROWING PROSPERITY >> PUDUNGWANA 2013 Koranta ya grain SA ya bahlahisi ba ntseng ba hola Bala Ka Hare: 03 Selelekela mokgweng wa no-till wa temo ya poone

More information

CONTENTS. 36 Millennium Development Goals At A Glance. Lipehelo tsa ntlafatso ea moshoelella. Pheliso ea bofuma. Pheliso Ea Tlala

CONTENTS. 36 Millennium Development Goals At A Glance. Lipehelo tsa ntlafatso ea moshoelella. Pheliso ea bofuma. Pheliso Ea Tlala CONTENTS 1 2 4 6 8 10 12 14 16 18 20 22 24 26 28 30 32 34 Lipehelo tsa ntlafatso ea moshoelella Pheliso ea bofuma Pheliso Ea Tlala Bophelo bo botle le boiketlo Thuto ea boleng bo phahameng Tekano ea ba

More information

Nahana, weso Bohahlaudi temong

Nahana, weso Bohahlaudi temong PULA IMVULA >> GROWING FOOD >> GROWING PEOPLE >> GROWING PROSPERITY >> HLAKUBELE 2017 Nahana, weso Bohahlaudi temong Koranta ya Grain SA ya bahlahisi ba ntseng ba hola Bala Ka Hare: 04 Diyunite tsa motjheso

More information

MORALO OA TEKANO OA LEKHOTLA OA PUSO EA LIBAKA LA MAISA PHOKA COMMUNITY COUNCIL

MORALO OA TEKANO OA LEKHOTLA OA PUSO EA LIBAKA LA MAISA PHOKA COMMUNITY COUNCIL MORALO OA TEKANO OA LEKHOTLA OA PUSO EA LIBAKA LA MAISA PHOKA COMMUNITY COUNCIL The fields to be completed are:(libaka tse ttsoang ke tsena: Why - What is the objective; starting point, answer the questions?

More information

2 No GOVERNMENT GAZETTE, 24 July 2015 Act No. 8 of 2015 Appropriation Act, 2015

2 No GOVERNMENT GAZETTE, 24 July 2015 Act No. 8 of 2015 Appropriation Act, 2015 , 2 No. 39015 GOVERNMENT GAZETTE, 24 July 2015 Act No. 8 of 2015 Appropriation Act, 2015 (English text signed by the President) (Assented to 22 July 2015) ACT To appropriate money from the National Revenue

More information

Tsabo Lesome le Dikabelo tsa Goitima dijo

Tsabo Lesome le Dikabelo tsa Goitima dijo Tsabo Lesome le Dikabelo tsa Goitima dijo Tlisang tsotlhe di tsabo lesome mo ntlong ya kantoro,... mme lo nteke jaanong fa, go bua Morena wa masomosomo, go re a ga ke kake ka lo bulela matlhaba phefo a

More information

CONTINUITY AND DIVERGENCE

CONTINUITY AND DIVERGENCE 01 Sotho sud all kàòfèl&a lexico : Malefetsane / Lenake 1985 02 Sotho sud arm sè-phàkà lexico : Malefetsane / Lenake 1985 02 Sotho sud arm (5 V) letsoho lexico : Maphike / Coupez 03 Sotho sud ashes mèlòrò

More information

LIKHETHONG TSA LA 03 PHUPTJANE

LIKHETHONG TSA LA 03 PHUPTJANE LIKHETHONG TSA LA 03 PHUPTJANE 2017 Mehoo ea mekha 1 le makhotla a lipolotiki LIKHETHONG TSA LA 03 PHUPTJANE 2017 E BA MOKHETHI EA NANG LE TSEBO BY ADV. MAMOSEBI PHOLO COMMISSIONER IEC Phatlalatso ena

More information

Aquila Steel (S Africa) (Pty) Ltd. Kopano ya baagi 04 Ngwanatsele 2014, Regorogile ura ya boraro & Rooiberg ura yabo thataro

Aquila Steel (S Africa) (Pty) Ltd. Kopano ya baagi 04 Ngwanatsele 2014, Regorogile ura ya boraro & Rooiberg ura yabo thataro Aquila Steel (S Africa) (Pty) Ltd Kopano ya baagi 04 Ngwanatsele 2014, Regorogile ura ya boraro & Rooiberg ura yabo thataro LENANEO Kamogelo le matseno Mosola wa kopano Tsamaiso ya kopano Kitsiso ka Aquila

More information

tokomane ya tshedimosetso ya maitshetlego

tokomane ya tshedimosetso ya maitshetlego KAOLOSO E E SHISHINSWENG YA SEPORO SA RANSNE SA GA JAANA SA HOMELONLE YA MANKANESE, GAMMOGO LE MAFARALHALHA A A SAMAELANANG, KAPA BOKONE LE KAPA BOLHABA tokomane ya tshedimosetso ya maitshetlego ransnet

More information

Motheo Wa Togamaano Wa Batho Ba Ba Tlholegang Mo Lefelong (IPPF) Wa Tiro Ya Taolo Ya Kgotlhano-Ya-Batho-Le-Diphologolo (HWCM) Mo Bokone Jwa Botswana

Motheo Wa Togamaano Wa Batho Ba Ba Tlholegang Mo Lefelong (IPPF) Wa Tiro Ya Taolo Ya Kgotlhano-Ya-Batho-Le-Diphologolo (HWCM) Mo Bokone Jwa Botswana Public Disclosure Authorized Public Disclosure Authorized Public Disclosure Authorized Public Disclosure Authorized Motheo Wa Togamaano Wa Batho Ba Ba Tlholegang Mo Lefelong (IPPF) Wa Tiro Ya Taolo Ya

More information

L VE DITLHOPHO TSA BOMMASEPALA YOUR. Khomisene ya Ditlhopho (IEC) SOUTH 18 MOTSHEGANONG 2011 AFRICA 2011 MUNICIPAL ELECTIONS. Go ikgolaganya le iec

L VE DITLHOPHO TSA BOMMASEPALA YOUR. Khomisene ya Ditlhopho (IEC) SOUTH 18 MOTSHEGANONG 2011 AFRICA 2011 MUNICIPAL ELECTIONS. Go ikgolaganya le iec Khomisene ya Ditlhopho (IEC) Khomišene ya Ditlhopho ke mokgatlho o o ikemetseng o o sa tseyeng letlhakore o o tlhomilweng ke Kgaolo 9 ya Molaotheo. Khomišene e laola ditlhopho tsa Bosetšhaba, tsa porofense

More information

YUNIBESITHI YA BOKONE- BOPHIRIMA MOONO KA HIV LE AIDS

YUNIBESITHI YA BOKONE- BOPHIRIMA MOONO KA HIV LE AIDS YUNIBESITHI YA BOKONE- BOPHIRIMA MOONO KA HIV LE AIDS JAAKA O TSHOTSWE KA : NGWANATSELE 2002 KETAPELE Kgang ka HIV le AIDS e tsentse tsebetsebe mo ditheong tsotlhe, le go akaretsa diyunibesithi. Yunibesithi

More information

BUKANA YA TSHEDIMOSETSO GO LATELA DITLHOKEGO TSA KAROLO 14 YA MOLAO WA TLHATLOSO YA PHITLHELELO YA TSHEDIMOSETSO. Tsebe 1

BUKANA YA TSHEDIMOSETSO GO LATELA DITLHOKEGO TSA KAROLO 14 YA MOLAO WA TLHATLOSO YA PHITLHELELO YA TSHEDIMOSETSO. Tsebe 1 BUKANA YA TSHEDIMOSETSO GO LATELA DITLHOKEGO TSA KAROLO 14 YA MOLAO WA TLHATLOSO YA PHITLHELELO YA TSHEDIMOSETSO Tsebe 1 DITLHALOSO KAROLO 1 Mafoko a a latelang a tla nna le ditlhaloso tse di tshwanang

More information

SEGOAGOE CELEBRATING BIZNIZ IN A BOX SUCCESS MAGAZINE FOR THE ROYAL BAFOKENG NATION SEPTEMBER Phokeng Ballet Program page 18

SEGOAGOE CELEBRATING BIZNIZ IN A BOX SUCCESS MAGAZINE FOR THE ROYAL BAFOKENG NATION SEPTEMBER Phokeng Ballet Program page 18 SEGOAGOE MAGAZINE FOR THE ROYAL BAFOKENG NATION www.bafokeng.com SEPTEMBER CELEBRATING BIZNIZ IN A BOX SUCCESS Kgothakgothe ya bomme page 12 Bogodu mo metseng page 17 Phokeng Ballet Program page 18 CONTENT

More information

Specification Details: Coded Dash Number M28803/1 -MC PART LISTINGS MANUFACTURER'S DESIGNATION OR TYPE NUMBER TEST OR QUALIFICATION REFERENCE

Specification Details: Coded Dash Number M28803/1 -MC PART LISTINGS MANUFACTURER'S DESIGNATION OR TYPE NUMBER TEST OR QUALIFICATION REFERENCE Specification Details: DLA Land and Maritime - VQ Date: 2/4/2015 Specification: MIL-DTL-28803 Title: Display, Optoelectronic, Readouts, Backlighted Segmented Federal Supply Class (FSC): 5980 Conventional:

More information

Provincial Gazette Provinsiale Koerant Gazete ya Xifundzankulu Kuranta ya Profense Gazethe ya Vundu

Provincial Gazette Provinsiale Koerant Gazete ya Xifundzankulu Kuranta ya Profense Gazethe ya Vundu LIMPOPO PROVINCE LIMPOPO PROVINSIE XIFUNDZANKULU XA LIMPOPO PROFENSE YA LIMPOPO VUNDU LA LIMPOPO IPHROVINSI YELIMPOPO Provincial Gazette Provinsiale Koerant Gazete ya Xifundzankulu Kuranta ya Profense

More information

Commissioned by Paul and Joyce Riedesel in honor of their 45th wedding anniversary. Lux. œ œ œ - œ - œ œ œ œ œ œ œ œ œ œ. œ œ œ œ œ œ œ œ œ.

Commissioned by Paul and Joyce Riedesel in honor of their 45th wedding anniversary. Lux. œ œ œ - œ - œ œ œ œ œ œ œ œ œ œ. œ œ œ œ œ œ œ œ œ. LK0-0 Lux/ a caella $2.00 Commissioned by aul and Joyce Riedesel in honor of their 5th edding anniversary. Offertorium and Communio from the Requiem Mass f declamatory - solo - - - - U Ex - au - di o -

More information

The Current Status and Conservation of Bears in Vietnam

The Current Status and Conservation of Bears in Vietnam Chapter 8 The Current Status and Conservation of Bears in Vietnam Dang Nguyen Xuan Department of Vertebrate Zoology, Institute of Ecology and Biological Resources, Vietnamese Academy of Science and Technology

More information

Spatial economic evolution of the airport-centric developments of Cape Town and OR Tambo international airports in South Africa

Spatial economic evolution of the airport-centric developments of Cape Town and OR Tambo international airports in South Africa Spatial economic evolution of the airport-centric developments of Cape Town and OR Tambo international airports in South Africa Masilonyane Mokhele http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp70i1.3 Peer reviewed

More information

Human Rights Yearbook : Burma 88 HRDU. shot dead. Site of killing Note. Khao, Kaeng Kham tract, Kunhing township. old village of Sai

Human Rights Yearbook : Burma 88 HRDU. shot dead. Site of killing Note. Khao, Kaeng Kham tract, Kunhing township. old village of Sai 88 HRDU 1 Loong maha 40 1 Nai Loo 37 1 Ka Ling 40 1 Sa Ling 38 1 Ae Nang 20 1 16.06.97 Ping Nya 42 Quarter 3, Kunhing 1 Kaw Win Ta LIB 513 on the way to the old village of Sai Khao, Kaeng Kham tract, Kunhing

More information

beaten dead shot dead LIB 518 in the bush outside LIB 332 in Long Maw village Age Village of origin killed by Loi tract, Murngnai Kunhing township

beaten dead shot dead LIB 518 in the bush outside LIB 332 in Long Maw village Age Village of origin killed by Loi tract, Murngnai Kunhing township 69 1 23.01.97 Mae-tha 57 Wan Hae, Nar Loi tract, Murngnai 1 28.01.97 Na Ling 20 Long Maw, Wan Lao tract, Kunhing LIB 518 in the bush outside Wan Hae LIB 332 in Long Maw 1 Thark Khe 40 1 30.01.97 Loong

More information

Series 1: Pre-Senatorial Series, ; bulk cubic feet consisting of 79 folders, 3 photographs, and 2 oversize items.

Series 1: Pre-Senatorial Series, ; bulk cubic feet consisting of 79 folders, 3 photographs, and 2 oversize items. Series 1: Pre-Senatorial Series, 1879-1972; bulk 1929-1930 3 cubic feet consisting of 79 folders, 3 photographs, and 2 oversize items. The Pre-Senatorial Series consists of advertisements, biographical

More information

DOWNLOAD OR READ : WILLIAM TECUMSEH SHERMAN AND THE SETTLEMENT OF THE WEST PDF EBOOK EPUB MOBI

DOWNLOAD OR READ : WILLIAM TECUMSEH SHERMAN AND THE SETTLEMENT OF THE WEST PDF EBOOK EPUB MOBI DOWNLOAD OR READ : WILLIAM TECUMSEH SHERMAN AND THE SETTLEMENT OF THE WEST PDF EBOOK EPUB MOBI Page 1 Page 2 william tecumseh sherman and the settlement of the west william tecumseh sherman and pdf william

More information

MEYA MINING DEVELOPMENT TIMELINE 03 OCTOBER 2017

MEYA MINING DEVELOPMENT TIMELINE 03 OCTOBER 2017 MEYA MINING DEVELOPMENT TIMELINE 03 OCTOBER 2017 !"#$%&'()"*+,%%&-$."%/%0123('$+4(5%6%7('8%&'(9'$: &'()"*+%;*-"

More information

!R Proposed Rail Station Proposed Rail Route. Dominion Road LRT Proposed Rail Alignment and Stations. Legend. Hob so n St. We st. Ka ran ga hap e Rd

!R Proposed Rail Station Proposed Rail Route. Dominion Road LRT Proposed Rail Alignment and Stations. Legend. Hob so n St. We st. Ka ran ga hap e Rd Jel licoe St QUEEN ST Hob so n St Brito ma rt We st Ka ran ga hap e Rd DOMINION ROAD Dominion R d Eden Valley Mil ton Rd Ba lmora l Sh ops Lambe th Rd Mt Ro skill Sh ops Mt. Ro skill Jun ctio n Hillsbo

More information

DOWNLOAD OR READ : WILLIAM TECUMSEH SHERMAN AS COLLEGE PRESIDENT SCHOLARS CHOICE EDITION PDF EBOOK EPUB MOBI

DOWNLOAD OR READ : WILLIAM TECUMSEH SHERMAN AS COLLEGE PRESIDENT SCHOLARS CHOICE EDITION PDF EBOOK EPUB MOBI DOWNLOAD OR READ : WILLIAM TECUMSEH SHERMAN AS COLLEGE PRESIDENT SCHOLARS CHOICE EDITION PDF EBOOK EPUB MOBI Page 1 Page 2 william tecumseh sherman as college president scholars choice edition william

More information

Budget Booklet 2016 Gauteng Provincial Government Budget 2016

Budget Booklet 2016 Gauteng Provincial Government Budget 2016 Budget Booklet 2016 Table of Contents English Pg. 4 Gauteng Budget 2016/17 Foreword 4 15 26 37 Gauteng s Ten Pillar Programme 5 16 27 38 Sources of our Budget 6 17 28 39 Own Revenue 7 18 29 40 Conditional

More information

Report sales to a QEZE of nonresidential gas (including propane in containers of 100 pounds or more), electric, refrigeration, and steam services.

Report sales to a QEZE of nonresidential gas (including propane in containers of 100 pounds or more), electric, refrigeration, and steam services. New Yk State Department of Taxation and Finance Consumer s Utility and Fuel Taxes f Nonresidential Gas, Electric, Refrigeration, and Steam Services Sold to a Qualified Empire Zone Enterprise (QEZE) File

More information

TERMS & CONDITIONS HOME&AWAY OFFERS. Offer Detail: - 15% off on mooncake bill

TERMS & CONDITIONS HOME&AWAY OFFERS. Offer Detail: - 15% off on mooncake bill TERMS & CONDITIONS HOME&AWAY OFFERS Merchant Name - 15% off on mooncake bill Hôtel Des Arts Saigon Moon Cake - GEM Center Moon Cake - Eastin Grand Hotel Saigon Saigon Kitchen Restaurant - 2nd floor, Hôtel

More information

Digital Resources for Aegean languages

Digital Resources for Aegean languages Digital Resources for Aegean languages Objectives: Make digital texts available to: researchers non-specialists broader audience Keep editions updated Analysis tools: deciphering, linguistic analysis:

More information

A TI,DIOS (You Are God) œ œ. œ œ œ œ. œ. œ. œ. Dios, Dios, God, we ac -

A TI,DIOS (You Are God) œ œ. œ œ œ œ. œ. œ. œ. Dios, Dios, God, we ac - Keyboard ITRO South erican Dance (q = ca. 80) TI,DIOS ( re God)....... the Se - the.. m Bilingual Spanish nglish.. % % Text: Spanish: Rosa María Icaza, VI, 1999, Mexican erican ultural enter. rights reserved.

More information

Halina, Hesus. (Advent) œ N œ œ œ. œ œ œ œ œ. œ. œ œ œ œ. œ œ. C F G7sus4. œ. # œ œ J œ œ œ J. œ œ. J œ. # œ. # œ œ œ

Halina, Hesus. (Advent) œ N œ œ œ. œ œ œ œ œ. œ. œ œ œ œ. œ œ. C F G7sus4. œ. # œ œ J œ œ œ J. œ œ. J œ. # œ. # œ œ œ 2 Rene B avellana, S Keyboard INTRO/INAL (e = 144 152) Œ % RERAIN Slower (e = ca 92) Soprano % Alto Tenor Bass Ha - /E Slower (e = ca 92) li - na, He-sus, Ha - (Advent) 7 7sus4 # E/ # # # 7 7 Eduardo P

More information

Find your local IRV in NORTH WEST ENGLAND (listed in postcode order) (FIRVs are in blue)

Find your local IRV in NORTH WEST ENGLAND (listed in postcode order) (FIRVs are in blue) Find your local IRV in NORTH WEST ENGLAND (listed in postcode order) (s are in blue) IRV BLACKBURN BB1 7JE Tel: 01254 670022 www.peterjackson.co.uk Janet Isherwood Jwlry ROSSENDALE BB4 7LS Tel: 01706 831257

More information

A TI,DIOS (You Are God) INTRO South American Dance (q = ca. 80) Dm. œ œ. œ # œ œ œ œ. œ. œ. œ œ. j J œ. œ œ œ œ œ œ œ. ba - mos; you; All

A TI,DIOS (You Are God) INTRO South American Dance (q = ca. 80) Dm. œ œ. œ # œ œ œ œ. œ. œ. œ œ. j J œ. œ œ œ œ œ œ œ. ba - mos; you; All TI,DIOS ( re God) INTRO South erican Dance (q = ca 80) # %? Bilingual Spanish nglish? RFRIN: 1st time: ; reafter: Soprano/Melody F lto Tenor m claim ce - claim you; mos; you; Dios, Dios, God, J J Text:

More information

Translation and Pronunciation Guide Percussion Instructions

Translation and Pronunciation Guide Percussion Instructions 2 Translation and Pronunciation Guide la media noche, al rigor del hielo, (t the hour of midnight, in the icy harshness,) [a la me-di-a no-tʃe al ri-goɾ del i-e-lo] nace Jesu Cristo, Redentor del Cielo.

More information

TO: Unicode Technical Committee FROM: Ken Whistler TITLE: Towards a Consensus Encoding of Newa DATE: 24 October 2014

TO: Unicode Technical Committee FROM: Ken Whistler TITLE: Towards a Consensus Encoding of Newa DATE: 24 October 2014 TO: Unicode Technical Committee FROM: Ken Whistler TITLE: Towards a Consensus Encoding of Newa DATE: 24 October 2014 The Recommendations to the UTC (L2/14 253) provided input from members of a meeting

More information

This work was created for a charity, and you may freely make printed copies from this PDF data for your performance until Dec 31, 2022.

This work was created for a charity, and you may freely make printed copies from this PDF data for your performance until Dec 31, 2022. This ork as created or a charity, and you may reely make rinted coies rom this D data or your erormance until Dec 31, 2022 lease inorm isemanroectcom or erormances and recordins This ork as created or

More information

Mayor and Council Daniel Fok, Manager, SCADA and Electrical Award of Request for Proposal Seasonal Street Light Decorations

Mayor and Council Daniel Fok, Manager, SCADA and Electrical Award of Request for Proposal Seasonal Street Light Decorations COUNCIL REPORT Report No. ENG 018-2018 Regular Council Date: April 01, 2018 File No: 5430-01 To: From: Subect: Mayor and Council Daniel Fo, Manager, SCADA and Electrical Award of Request for Proposal 1220-2017-2097

More information

reunion June 2-13 VIETNAM TOUR Hanoi - Ha Long Bay - Hue - Da Nang - Hoi An - Saigon 12days - 11nights

reunion June 2-13 VIETNAM TOUR Hanoi - Ha Long Bay - Hue - Da Nang - Hoi An - Saigon 12days - 11nights famile reunion VIETNAM TOUR Hanoi - Ha Long Bay - Hue - Da Nang - Hoi An - Saigon 2019 June 2-13 12days - 11nights 2017 one more time... Visitors to Vietnam need a passport with at least six months validity

More information

Timetables and Availability

Timetables and Availability Objectives After completing this unit, you should be able to do the following: 1. Display timetables for a specific departure date and city pair. 2. Input follow-up and alternative timetable entries. 3.

More information

Domestic Flights Ho Chi Minh City - Da Nang and Hue - Hanoi (Economic Class of Vietnam Airline)

Domestic Flights Ho Chi Minh City - Da Nang and Hue - Hanoi (Economic Class of Vietnam Airline) BestPrice Travel., JSC Address: 12A, Ba Trieu Alley, Ba Trieu Street, Hai Ba Trung District, Hanoi, Vietnam Email: sales@bestpricevn.com Tel: +84 436-249-007 Fax: +84 436-249-007 Website: https://bestpricevn.com

More information

Thomas Tallis Mass for 4 voices

Thomas Tallis Mass for 4 voices homas allis Mass for voices G-Lbl dd. M 1780-5 Edited for choir by effrey Quick homas allis: Mass in voices Edition by effrey Quick his is a practical edition meant to make this mass possible for mixed

More information

DEUS CARITAS EST SATB Choir, Soloist, Organ. œ œ. œœœœœ. œ œœœ œ œ œ

DEUS CARITAS EST SATB Choir, Soloist, Organ. œ œ. œœœœœ. œ œœœ œ œ œ INTRODUCTION 4? 4? 4 4? q = c 72? 7? SAMPLE From the repertoire of the International Federation of Little Sgers (Foederatio Internationalis Pueri Cantores, FIPC) Bibliorum Sacrorum nova vulga editio Eng

More information

R%17' %:' "="<17' )5"' F#)<<"-' :%5' 10"' <"S1' 1"5&'.<$#4-.</' %45' 6571' J05.71&)7'"S15)=)/)<H)T'7""'.<7.-"':%5')##'-"1).#7;

R%17' %:' =<17' )5' F#)<<-' :%5' 10' <S1' 15&'.<$#4-.</' %45' 6571' J05.71&)7'S15)=)/)<H)T'7'.<7.-':%5')##'-1).#7; Issue 14: OCTOBER 15 ISCAMATTERS!"#$%&"'()$*+,')&'-"#./01"-'1%'2"#$%&"'3%4'%45'6571',7$)'8)9"57'%:'10"'3")5;'','2.##' ("/.

More information

TAMPA INTERNATIONAL BUSINESS CENTER

TAMPA INTERNATIONAL BUSINESS CENTER FOR LEASE WESTSHORE/NW HILLSBOROUGH SUBMARKET TAMPA INTERNATIONAL BUSINESS CENTER 5730 HOOVER BLVD 5301, 5519, 5520, 5550 & 5570 IDLEWILD AVE TAMPA, FL 33634 :: Office space from 1,785 to 105,872 SF ::

More information

Hiking Hillw alking 2009

Hiking Hillw alking 2009 Hiking Hillw alking 2009 Over seas Visit o r s w h o w en t h ikin g/ an d o r h illw alkin g w h ile in Ir elan d sp en t an est im at ed 494 m illio n in 2009. Holidaym aker s Overseas Part icipant s

More information

DOWNLOAD OR READ : TONLE SAP HEART OF CAMBODIA 39 S NATURAL HERITAGE THE HEART OF CAMBODIA 39 S NATURAL HERITAGE PDF EBOOK EPUB MOBI

DOWNLOAD OR READ : TONLE SAP HEART OF CAMBODIA 39 S NATURAL HERITAGE THE HEART OF CAMBODIA 39 S NATURAL HERITAGE PDF EBOOK EPUB MOBI DOWNLOAD OR READ : TONLE SAP HEART OF CAMBODIA 39 S NATURAL HERITAGE THE HEART OF CAMBODIA 39 S NATURAL HERITAGE PDF EBOOK EPUB MOBI Page 1 Page 2 tonle sap heart of cambodia 39 s natural heritage the

More information

AIRLINE CONNECTION POINT ANALYSIS

AIRLINE CONNECTION POINT ANALYSIS AIRLINE CONNECTION POINT ANALYSIS D. W. Baird, Trans World Airlines, Inc. ABSTRACT This paper describes a SAS Institute, Inc. based system for computing connection cities to be used for Trans World Airlines',

More information

Birmingham City Centre Vision for Movement

Birmingham City Centre Vision for Movement Birmingham City Centre Vision for Movement Wes Sedman - Centro Commissioning Team Laying the foundations for a vibrant and liveable global city Birmingham Big City Plan - A City Centre Masterplan A vision

More information

Sumus Domus Domini. commissioned by the Archdiocese of Los Angeles in thanksgiving for the new Cathedral of our Lady of the Angels. Gm F/A Dm.

Sumus Domus Domini. commissioned by the Archdiocese of Los Angeles in thanksgiving for the new Cathedral of our Lady of the Angels. Gm F/A Dm. 2 Spah Traslatio Rocío Ríos ad Kathlee Orozco Sumus omus omii commsioed y rchdiocese o Los geles i thaksgivig or e adral o our Lady o gels hrpher Walker Keyoard % % % Soprao l Teor Bass (rall.) INTRO (q

More information

Travel and Land Use. 50 NZ members Transfund Report No Sites on Database Site Survey Summary Sheets Joint NZ, UK + Australian research

Travel and Land Use. 50 NZ members Transfund Report No Sites on Database Site Survey Summary Sheets Joint NZ, UK + Australian research Travel and Land Use 50 NZ members Transfund Report No 209 550 Sites on Database Site Survey Summary Sheets Joint NZ, UK + Australian research 1. Week ly Fac t ors Met ropolit an Cent res Figure 2.8 Weekly

More information

Yellowstone and the Grand Tetons. Led by Pete Barnes & Mandy McNamara

Yellowstone and the Grand Tetons. Led by Pete Barnes & Mandy McNamara Yellowstone and the Grand Tetons Led by Pete Barnes & Mandy McNamara Introductions Pete Barnes - 12 years teaching in NA - Grade 5 Science - Co-led trip to Colorado with Mandy and Sandy Willmore 2013 -

More information

RIO ALL-SUITE HOTEL & CASINO

RIO ALL-SUITE HOTEL & CASINO RIO ALL-SUITE HOTEL & CASINO Meeting Facilities Map T S COCO A B JAGUAR A B Expo Loading Dock 1 Service Corridor B C A D E AMAZON F H G I J K R Q P O N M L A B C D PALMA E F G H A C D B TROPICAL E F G

More information

Looking for a better way to target Highway Travelers?

Looking for a better way to target Highway Travelers? Looking for a better way to target Highway Travelers? Look inside to find out how we reach millions. Maryland Service Plaza Advertising I- Travel oard InfoCenters - Maryland (I-) We bring people to your

More information

EMD Quick Reference Guide

EMD Quick Reference Guide EMD Quick Reference Guide EMD-S Entries EMDI EMDV EMDD EMDD EMDL EMDH EDOC Entry to issue the EMD Entry to void the EMD e.g. EMDV105999100104 Entry to display the EMD Summary Display e.g. EMDD105999100104

More information

CONTINUITY AND DIVERGENCE

CONTINUITY AND DIVERGENCE 01 Mbuno : sud-est teke all -nsœ, bonsœ lexico : Daeleman 1975 02 Mbuno : sud-est teke arm ku-œ, mi-œ lexico : Daeleman 1975 05 Mbuno : sud-est teke belly n-dumo lexico : Daeleman 1975 06 Mbuno : sud-est

More information

PRE-BID MEETING: January 8, 10:00 AM PROJECT NO.: PF0030 REVENUE ACCOUNT NO.: PLANS AND SPECIFICATIONS: N/A Electronic only

PRE-BID MEETING: January 8, 10:00 AM PROJECT NO.: PF0030 REVENUE ACCOUNT NO.: PLANS AND SPECIFICATIONS: N/A Electronic only The Town of Windsor makes this information available on an as is basis and makes no expressed or implied warranty as to the completeness or accuracy of the information represented herein for any particular

More information

BRESCIA UNIVERSITY SPRING 2019 ONLINE UNDERGRADUATE SCHEDULE

BRESCIA UNIVERSITY SPRING 2019 ONLINE UNDERGRADUATE SCHEDULE BRESCIA UNIVERSITY SPRING 2019 ONLINE UNDERGRADUATE SCHEDULE Updated 12/4/2018 All lasses a e PM courses listed in red are full, check with your advisor * Fulfills general education requirement All times

More information

MEETINGS & INCENTIVES

MEETINGS & INCENTIVES MEETINGS & INCENTIVES Borgo Egnazia is like a breathing tale of Puglia, spoken by the ancient culture of the land and by the sheer beauty of its nonpareil architecture. Borgo Egnazia is a contemporary

More information

WHERE BELIEVING IS RELIVING

WHERE BELIEVING IS RELIVING Grupo Vergel is pleased to introduce its latest project "El Océano Azul", located in the municipality of Tulum, Quintana Roo. WHERE BELIEVING IS RELIVING The project starts its presale with 333 lots available

More information

" Voting Place " " Prince William County, Virginia Gainesville Election District Voting Precincts and Voting Places EVERGREEN BATTLEFIELD ALVEY

 Voting Place   Prince William County, Virginia Gainesville Election District Voting Precincts and Voting Places EVERGREEN BATTLEFIELD ALVEY GROVETON PAGELAN LN MOUNTAIN Prince William County, Virginia Gainesville Election istrict Voting Precincts and Voting Places EVERGREEN LOGMILL JAMES MAISON HY 15 Voting Place 401 Evergreen Precinct Evergreen

More information

1,276-2,630 SQ FT SQ M WITH CAR PARKING

1,276-2,630 SQ FT SQ M WITH CAR PARKING LAKESIDE BUSINESS VILLAGE, ST DAVIDS PARK, EWLOE, CH5 3XP UNIT 4 MODERN OPEN PLAN OFFICE ON A PRESTIGIOUS BUSINESS PARK 1,276-2,630 SQ FT 118-244 SQ M WITH CAR PARKING LOCATION St David s Park is a fully

More information

2019 may september alaska cruises & cruisetours

2019 may september alaska cruises & cruisetours 2019 may september alaska cruises & cruisetours Whether this is your first cruise to Alaska or a return to the Great Land, the opportunity to study new beauty awaits. The 2019 season marks Princess 50

More information

Beverage Packaging Holdings (Luxembourg) II S.A.

Beverage Packaging Holdings (Luxembourg) II S.A. Beverage Packaging Holdings (Luxembourg) II S.A. Société anonyme Registered office: 6C, Parc d Activités Syrdall, L-5365, Munsbach R.C.S. Luxembourg : B 128.914 HOLDER NOTIFICATION 1 February 2010 Beverage

More information

遠企購物中心 SC DC Taiwan Shopping Center Power. Taipei Metro, The Mall. Team Profile. Contacts. Shopping Center Development Council, Taiwan

遠企購物中心 SC DC Taiwan Shopping Center Power. Taipei Metro, The Mall. Team Profile. Contacts. Shopping Center Development Council, Taiwan 2007 Taiwan Shopping Center Power SC Opening Date: 1994.03.26 遠企購物中心 Taipei Metro, The Mall Team Profile Management Marketing Construction Architecture Interior Design Leasing Employees Job Opportunity

More information

Aboriginal and Torres Strait Islander suicide data 2016

Aboriginal and Torres Strait Islander suicide data 2016 Aboriginal and Torres Strait Islander suicide data 2016 Aboriginal and Torres Strait Islander suicide data 2016 Preliminary 2016 statistics indicated that: 162 (119 male, 43 female) Aboriginal and Torres

More information

F-92. Catchment Area : 11,250 km 2. Hình 7.1 Mô hình sơ đồ cân bằng nước (Lưu vực sông Bằng Giang & Kỳ Cùng) Bang Giang - Ky Cung River Basin

F-92. Catchment Area : 11,250 km 2. Hình 7.1 Mô hình sơ đồ cân bằng nước (Lưu vực sông Bằng Giang & Kỳ Cùng) Bang Giang - Ky Cung River Basin Bang Giang - Ky Cung River Basin Catchment Area : 11,250 km 2 Ban Lai Dam Effect.Vol: 310.5 million m3 Bang Giang River Basin 550 Ky Cung Bang Giang Present 8,900 Present 16,600 2010 19,100 2010 35,400

More information

TYSONS DEVELOPMENT, LLC

TYSONS DEVELOPMENT, LLC TYSONS DEVELOPMENT, LLC BE AT THE CENTER OF IT ALL Prominently located as the gateway to Tysons, Virginia, The View is being zoned as an entire urban block, combining three million square feet of office,

More information

Southwest Chief Fact Sheet

Southwest Chief Fact Sheet General information Length of Trip: (Chicago-Los Angeles) 40+ hours Frequency: Daily Train Features: Non-Smoking Dining Car Lounge Car Checked Baggage Luggage Click here for Amtrak's luggage policy Accommodations:

More information

Thailand: Get Back to Nature 11 Days & 10Nights. Experience Thailand through the eyes of local experts: Thailand

Thailand: Get Back to Nature 11 Days & 10Nights. Experience Thailand through the eyes of local experts:   Thailand Thailand: Get Back to Nature 11 Days & 10Nights Experience Thailand through the eyes of local experts: www.4utours.vn Thailand contact@4utours.vn 4UTours and Travel is a Destination Management Company

More information

BEVERLY HILLS / CALIFORNIA

BEVERLY HILLS / CALIFORNIA DANIEL CHIPRUT HOUMAN MAHBOUBI Senior Managing Director Newmark Knight Frank Senior VIce President, Retail JLL T 310.407.6581 M 310.800.7955 danielc@ngkf.com T 310.595.3621 M 310.210.1428 houman.mahboubi@am.jll.com

More information

Language: Setswana, English Time Zone: EST plus 6 hours Electricity: V/50Hz

Language: Setswana, English Time Zone: EST plus 6 hours Electricity: V/50Hz BOTSWANA Capital: Gaborone Population: 2.1 million Currency: Pula (BWP), US dollar Language: Setswana, English Time Zone: EST plus 6 hours Electricity: 220-240V/50Hz Fun Facts Botswana is the oldest democratic

More information

About Greece. There are lots of fun and interesting things to know about Greece.

About Greece. There are lots of fun and interesting things to know about Greece. About Greece There are lots of fun and interesting things to know about Greece. Did you know that in ancient Greece children slept in wicker baskets until they were 7 years olds? Dinnertime was a casual

More information

A380: Designed for Airports

A380: Designed for Airports O Hare Noise Compatibility CommissionTechnical Committee Meeting August 23, 2005 A380: Designed for Airports The Environmental Benefits Of the New Larger Aircraft Presented by Dan Cohen-Nir Program Manager,

More information

Jesu, Joy of Our Desiring

Jesu, Joy of Our Desiring Jesu, Joy Our Desir $1.00 PDF New Classics eries Jesu, Joy Our Desir or verses piano Johann chop, arr. J.. ach Ed. Chrispher spaas www.aspenhillmic.com 2 Jesu, Joy Our Desir from W 147, Herz und Mund und

More information